Toledo—Litso Tse Tsoakaneng ka ho Hlollang Tsa Mehla e Bohareng
KA MONGOLI OA TSOHA! SPAIN
BOHARENG ba Hloahloa ea Iberia, ho na le leralla la morema-phofu leo ka mahlakoreng a lona a mararo e leng Nōka ea Tagus. Ka lilemo tse makholo, nōka eo e ’nile ea etsa lilomo tse sireletsang leralla leo ka mahlakoreng. Toledo, e sebakeng sena se botleng, ke motse o ’nileng oa amahanngoa le Spain le setso sa teng.
Kajeno, literata tse patisaneng tse tsoelipanang le motse ona oa boholo-holo oa Toledo li hopotsa moeti ka Mehla e Bohareng. Likeiti tsa motse, liqhobosheane le marokho a teng kaofela ke lintho tsa mehleng eo ea boholo-holo ’me li fana ka bopaki ba hore Toledo e kile ea e-ba o mong oa metse ea bohlokoahali ea Europe.
Leha ho le joalo, Toledo ha e tšoane le metse e meng ea Europe. Esita le seteishene sa terene se shebahala joaloka sa Linaheng Tsa Bochabela. Ha lifika tsa Toledo le lintho tsa teng tse entsoeng ka matsoho li shebisisoa hantle, li senola hore motse ona o ’nile oa sebelisa litsebo tsa lichaba tse ’maloa tse phetseng mona ho theosa le lilemo tse makholo. Nakong ea nala Toledo lilemong tse ka bang 700 tse fetileng, motse ona e ile ea e-ba moo litso tse fapa-fapaneng tsa mehleng e bohareng li ileng tsa tsoakana teng.
Litso Tse Fapa-fapaneng
Pele Baroma ba tla Spain, e ne e le khale Macelt le Maiberia a hahile toropo sebakeng sena se botleng. Baroma ba ile ba e reha bocha ba re ke Toletum (e tsoang lentsoeng tollitum, le bolelang “e phahameng”) ’me ba e etsa o mong oa metse ea bona e meholo ea liprofinse. Rahistori oa Moroma, Livy, o ile a hlalosa Toledo e le “motse o monyenyane, empa o sirelelitsoeng ke sebaka seo o leng ho sona.” Ha Mavisigothe a qeta ho hapa Spain ka mor’a ho oa ha ’Muso oa Roma, a ile a khetha Toledo hore e be motse-moholo oa ’ona. Ke motseng ona moo lekholong la botšelela la lilemo, Morena Reccared a ileng a hanela borapeli ba Arius, e leng mohato o ileng oa betlela Spain tsela ea hore e be setsi sa Bok’hatholike ba orthodox, ’me Toledo ea e-ba lehae la baarekabishopo ba hlaheletseng.
Maemo a bolumeli a ile a fetoha ha Toledo e fetoha karolo ea puso ea Mamosleme. Literata tse patisaneng tsa motse ona oa khale li entsoe mehleng eo, e qalileng lekholong la bo8 la lilemo ho ea fihla ho la bo11 la lilemo. Ho mamella ha Mamosleme malumeli a mang ho ile ha etsa hore litso tsa Bakreste, Bajuda le Maarabia li tsoakane Toledo. Qetellong ka 1085, Morena Alfonso VI (morena oa Mok’hatholike) o ile a hapa motse oo. Ho sa tsotellehe phetoho e bileng teng pusong, litso tsena li ile tsa tsoela-pele ho phelisana ka lilemo tse makholo a ’maloa.
Lifika tse ngata tsa Toledo tse ntle ka ho fetisisa li entsoe ho tloha mehleng e bohareng. Babusi ba Mak’hatholike ba ile ba fetola motse oo motse-moholo oa bona, Bajuda ba ahileng moo ba sebelisa litsebo tsa bona ho etsa mesebetsi ea matsoho le khoebong, ha litsebi tsa mesebetsi ea matsoho tsa Mamosleme tsona li ile tsa tlatsetsa ka tsebo ea tsona meralong ea kaho. Litsebi tsa malumeli ana a mararo li ile tsa sebetsa hammoho Sehlopheng sa Bafetoleli. Lekholong la bo12 le la bo13 la lilemo, li ile tsa fetolela libuka tse ngata tsa khale ho li isa Selatineng le Sepanisheng. Bafetoleli bana ba ile ba etsa hore Linaha tsa Bophirimela le tsona li fumane tsebo e ngata ea saense e neng e bokeletsoe ke Maarabia a tsoetseng pele.
Ho mamella malumeli a mang ho ile ha fela lekholong la bo14 la lilemo ha baahi ba likete ba Bajuda ba timela polaong e sehlōhō e neng e hlophisitsoe ke bolumeli. Nakong eo Columbus a neng a fumana Amerika, Lekhotla le Otlang Bakhelohi la Spain le ne le se le thehile lekhotla la toka Toledo moo Bajuda le Mamosleme ba neng ba lokela ho khetha hore na ba sokoloha ka sheshe kapa ba lelekoe naheng na.
Lifika Tse Kileng Tsa Tlotloa
Kajeno setsi se bohareng sa motse oa Toledo se na le lifika tse fetang makholo. Leruo leo la histori le entse hore Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Thuto, Saense le Setso, o phatlalatse sebaka sena e le se seng sa Libaka Tsa Bohlokoahali Lefatšeng. Tse ling tsa tse khahlang ka ho fetisisa tsa mehleng ea boholo-holo ke marokho a Nōkeng ea Tagus, bo bong bo etsa hore batho ba khone ho kena motseng oo le ka bochabela, ha bo bong bo le ka bophirimela. Ke baeti ba ’maloa ba ke keng ba hlokomela keiti e khōlō ea Puerta Nueva de Bisagra, e koalang tsela e kenang motseng oa khale o pota-potiloeng ke lerako.
Ha motho a le hōle, ho hlahella lifika tse peli tse telele Toledo. Qhobosheane e khōlō e lekanang ka mahlakoreng ’ohle e bitsoang Alcázar e ka bochabela. Ho theosa le makholo a lilemo, e ’nile ea e-ba sebaka sa bolulo sa ’musisi oa Moroma, ntlo ea borena ea Mavisigothe, qhobosheane ea Maarabia le sebaka sa bolulo sa marena a Masepanishe. Hona joale e na le Musiamo ea Lebotho la Ntoa le laebrari e khōlō. Empa kaha Toledo ha e le hantle ke motse oa bolumeli, kereke e khōlō ea Segothe ke eona e bohareng ba motse ona.—Bona lebokose le leqepheng la 17.
Kereke ena e khōlō le likereke tse ling Toledo li na le litšoantšo tse takiloeng ke motaki ea tummeng ea neng a lula Toledo. O tsebahala ka lebitso la El Greco, e bolelang “Mogerike.” Lebitso la hae le feletseng e ne e le Doménikos Theotokópoulos. Sebakeng seo a neng a lula ho sona sa khale sa Bajuda, hona joale ho na le musiamo o nang le pokello ea litšoantšo tsa hae tse ’maloa.
Mohlomong Toledo e shebahala e hlile e boheha ha motho a e talima a le maralleng a okametseng motse oo a ka boroa. Leha ho le joalo, botle ba Toledo bo ka bonoa hantle ha motho a itsamaela literateng tsa teng tse patisaneng. Qalong moeti a ka ’na a lahleha, empa kapele o tla iphumana a hloletsoe ke liphaseje tsa boholo-holo tse botle bo hlollang, mehaho ea boholo-holo, mathule a khabisitsoeng hammoho le mabenkele a hohelang a rekisang lintho tseo batho ba ka ipolokelang tsona e le khopotso.
Le hoja motse ona oa boholo-holo o sa bonahale eka ke oa khale haholo, qetellong baeti ba lokela ho tloha Toledo ho khutlela mahae. Sebaka se setle seo ba ka tlohang ba le ho sona ke lebōpong le ka boroa la Nōka ea Tagus. Ha letsatsi le ea malikelong, le apesa motse ona ka khanya e mofuthu, ’me lifika tse ho oona li bonahatsa hape hore o kile oa e-ba naleng e khōlō.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 17]
LITSO TSE THARO TSA TOLEDO
Mehleng e Bohareng, Toledo e ne e arotsoe likoto tse tharo, ho na le karolo eo Mak’hatholike, Bajuda le Mamosleme ba phelang ho eona, ’me sehlopha ka seng se phela ka melao le setso sa sona. Tse ling tsa libaka tsa bona tsa boholo-holo tsa borapeli hona joale ke libaka tse ka sehloohong tseo bahahlauli ba thabelang ho li etela.
➤ Ntlo ea borapeli ea Mamosleme ea lekholong la boleshome la lilemo, e tsejoang e le Cristo de la Luz, e hahiloeng ka litene, e bontša kamoo lihahi tsa Mamosleme li neng li tseba ho haha ka boqhetseke kateng. E sebakeng sa motse se bitsoang Medina, moo Mamosleme a ruileng a kileng a lula teng.
➤ Le hoja hamorao li ile tsa fetoloa ho ba likereke tsa K’hatholike, lisynagoge tse peli tsa mehleng e bohareng li ntse li le teng, ’me li bontša hore Bajuda ba bangata e kile ea e-ba baahi ba Toledo, bao ka nako e ’ngoe ho baahi ba bang le ba bang ba bararo a le mong e neng e le Mojuda. Santa María la Blanca ke eona ea khale ka ho fetisisa, ’me ka hare e khabisitsoe ka litšiea tse ngata joaloka ntlong ea borapeli ea Mamosleme e ka holimo. Synagoge ea El Tránsito, e batlang e le khōloanyane (ka ho letona), hona joale e na le musiamo o bontšang setso sa Bajuda ba Spain.
➤ Kaho ea kereke e khōlō ea Magothe Spain e qalile lekholong la bo13 la lilemo ’me e ile ea nka lilemo tse fetang 200 hore e fele.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 18]
LISABOLE TSE KHETHEHILENG, MARZIPAN E TSOEKERE
Ka lilemo tse fetang likete tse peli, litei tsa tšepe motseng ona li ’nile tsa etsa lisabole, ’me Toledo e amahanngoa le tšepe e ntle. Lebotho la ntoa la Hannibal le lebotho le leholo la sesole sa Roma ka bobeli a ile a sebelisa lisabole tsena tse neng li teetsoe mathōkong a Nōka ea Tagus. Lilemo tse makholo hamorao, litsebi tsa mesebetsi ea matsoho tsa Mamosleme li ile tsa khabisa lisabole le lihlomo tsa Toledo li sebelisa mokhoa o sebelisoang Damaseka oa ho fata lehong. Setšoantšo se bontšitsoeng ka ho le letšehali ke mohlala oa sabole ea Toledo. (Bona sehlooho se reng “Patterns of Gold on Steel” Tsoheng! ea Senyesemane ea January 22, 2005.) Hona joale, boholo ba mabenkele a rekisang lintho tseo batho ba ka ipolokelang tsona e le khopotso a na le lisabole tsa mefuta e sa tšoaneng, hammoho le liaparo tsa bahlabani. Ntle le ho rekeloa ho behoa e le khopotso, lisabole tsena li ka boela tsa bonoa libaesekopong, eseng hore li hle li sebelisoe ntoeng ea sebele.
Tloaelo e ’ngoe ea Toledo ke ho etsa marzipan, e simolohileng khale ha motse ona o ne o haptjoa ke Maarabia. Ho ne ho se ho ntse ho e-na le masimo a maholo a alemonde Spain ha Mamosleme a fihla, empa tsoekere—e leng motsoako o mong oa bohlokoa—e ne e le sieo. Lilemong tse 50 Mamosleme a hapile sebaka sena, masimo a ’moba a ile a runya hohle karolong e ka boroa ea Spain. Lekholong la bo11 la lilemo, marzipan e ne e se e le sejo sa bohlokoa sa Toledo, ’me e ’nile ea e-ba sejo se thabeloang ke litsebi tsa lijo ho tloha ka nako eo. Mabenkele kaofela Toledo hona joale a rekisa marzipan, eo hangata e leng lipopinyana tse entsoeng joaloka motho. Ke feela ha motho a jele limonamona tsena tse lutlisang mathe moo a ka reng o fela a etetse Toledo.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Agustín Sancho
[’Mapa o leqepheng la 16]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
PORTUGAL
SPAIN
Madrid
Toledo
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Borokho ba San Martin