Tholoana e Ratoang Haholo ke Baetsi le Barekisi ba Litlolo Tse Inyanyatsang Tse Nkhang Hamonate
KA MONGOLI OA TSOHA! ITALY
KE KHALE litlolo tse inyanyatsang tse nkhang hamonate li sebelisoa. Mehleng ea Bibele litlolo tsena li ne li sebelisoa ho etsa hore matlo, liaparo le libethe li nkhe hamonate, ’me batho ba neng ba ka li khona ba ne ba inyanyatsa ka tsona. Lintho tse neng li sebelisoa ha ho etsoa litlolo tsena li akarelletsa lekhala, oli ea balsame, sinamone le linōko tse ling.—Liproverbia 7:17; Sefela sa Lifela 4:10, 14.
Maro a tlhotliloeng limeleng e sa ntse e le ’ona a ka sehloohong a sebelisoang ha ho etsoa litlolo tse inyanyatsang tse nkhang hamonate. Re tlile Calabria, e karolong e ho elella ka boroa haholo ea hloahloa ea Italy, ho tla bona moo ho hlahisoang se seng sa lisebelisoa tse etsang litlolo tsena. E ka ’na eaba ha u tsebe tholoana e bitsoang bergamot, empa ho tlalehoa hore monko oa tholoana ena o fumaneha hoo e ka bang karolong e le ’ngoe ho tse tharo ea litlolo tse inyanyatsang tse nkhang hamonate tsa basali tse rekisoang le hoo e ka bang halofong ea litlolo tsa banna. E-re re ke re u bolelle ka bergamot.
Sefate sa bergamot ke sefate se behang litholoana tsa mofuta oa lamunu se lulang se le setala ka linako tsohle. Se qala ho thunya nakong ea selemo, ’me litholoana tsa sona tse tšehla tse boreleli—tse ka ’nang tsa lekana le lamunu ka boholo—li butsoa mafelong a hoetla kapa mathoasong a mariha. Litsebi tse ngata li nahana hore bergamot ke sefate sa mofuta o tsoakiloeng le o mong, leha ho le joalo ha ho tsebahale hore na ha e le hantle se tsoa hokae. Ha ho na sebaka seo ho sona lifate tsa bergamot li melang har’a naha ’me li hana ho mela ha li jaloa ka peō. Li hlahisoa ka ho nyalisa lifate tsa mofuta o tšoanang, tse kang sefate sa lime kapa sa sirilamunu.
Batho ba etsang le ba rekisang litlolo tse inyanyatsang tse nkhang hamonate ba fumana litholoana tsa bergamot li e-na le lintho tseo li ikhethang ka tsona. Ha e bua ka taba ena, buka e ’ngoe e hlalosa hore lero le tlhotliloeng litholoaneng tsena le na le bokhoni bo ikhethang ba “ho kopanya le ho momahanya menko e sa tšoaneng, ho etsa hore e hlahise monko o ikhethang o le mong le ho etsa hore litlolo tse nang le motsoako oa lona li be le monko o mong o ikhethileng o monate.”a
Temo ea Lifate Tsena Calabria
Mehloli e meng ea histori e bontša hore lifate tsa bergamot li qalile ho mela Calabria khale koana hoo e ka bang mathoasong a lekholo la bo18 la lilemo le hore ka linako tse ling baahi ba sebakeng seo ba ne ba rekisetsa baeti ba fetang ka tsela lero la tsona. Leha ho le joalo, ho lengoa ha tsona ka bongata ho ne ho itšetlehile ka ho atleha ha setlolo se bitsoang cologne. Ka 1704, Gian Paolo Feminis, e leng letsoalloa la Italy le neng le lula Jeremane, o ile a hlahisa motsoako o se nang monko o matla oa setlolo se nkhang hamonate seo a ileng a se bitsa Aqua admirabilis, kapa “metsi a ratehang.” Lero la bergamot e ne e le lona le ka sehloohong har’a lintho tse neng li sebelisoa ho etsa setlolo sena. Setlolo seo se ile sa bitsoa eau de Cologne, “metsi a Cologne,” kapa se ne se bitsoa cologne feela, se reheletsoe ka motse oo se neng se hlahisoa ho oona.
Serapa sa pele sa lifate tsa bergamot se ile sa lengoa Reggio ka bo-1750, ’me ho lengoa ha lifate tsena ho ile ha eketseha ka lebaka la phaello e neng e fumanoa ha ho rekisoa lero la bergamot. Lifate tsena li hloka maemo a leholimo a itekanetseng ’me li lokela ho ba sebakeng se ka boroa moo li tla sireletseha meeeng e batang e tsoang ka leboea, empa le teng ha li batle meea e fokang ka matla, ho ba sebakeng seo ho sona mocheso o fetohang ka potlako le mongobo o tšoarellang nako e telele. Maemo a leholimo ao li a thabelang a fumaneha sebakeng se mochophoro se bophara ba lik’hilomithara tse 5 feela le bolelele ba tse 150, se haufi le lebōpo la leoatle le ho elella ka boroa haholo ho karolo e khōlō ea naha ea Italy. Le hoja ho ntse ho etsoa boiteko ba ho lema lifate tsa bergamot libakeng tse ling, boholo ba lifate tsena lefatšeng ka bophara li lengoa profinseng ea Reggio. Naha e ’ngoe e hlahisang lifate tsena ka bongata ke Côte d’Ivoire, e Afrika.
Oli ea bergamot—e leng mokelikeli o bosehla bo botala—e tsoa lekhapetleng la tholoana ea bergamot. Mokhoa oa khale oa ho tlhotla oli ena e ne e le oa hore tholoana ea bergamot e petsoloe ka lehare, ebe ho hoptjoa bokahare ba eona, ebe ho pepetoa lekhapetla hore lero le tsoang lereng le ka ntle la lekhapetla le tsaraletse liponcheng. Ho ne ho tlhotloa litholoana tsa bergamot tse ka etsang boima ba lik’hilograma tse 180 ho fumana lero le ka etsang boima ba k’hilograma e le ’ngoe feela. Kajeno lero lena lohle le tlhotloa ka mechine e sebelisang mabili kapa lirolara tse khorofo ho fefa karolo e ka holimo ea lekhapetla tholoaneng ea bergamot e feletseng.
Ha e Tsebahale Hakaalo Empa e Sebelisoa Haholo
Ho ka etsahala hore ebe tholoana ena ha e tsebahale hakaalo libakeng tse ka ntle ho Calabria, empa mohloli o mong oa litaba o re, “har’a litsebi, bergamot ke ntho ea bohlokoa haholo.” Monko oa eona o monate oa litholoana ha o fumanoe litlolong tse inyanyatsang tse nkhang hamonate feela empa o fumanoa le linthong tse kang lisepa, litlolo tse tebelang lephoka la mofufutso, lisepa tsa meno le litlolo tse itlotsang. Lero la bergamot le boetse le sebelisetsoa ho etsa hore lijo li be le monko le tatso e monate, le sebelisoa lijong tse kang ice cream, tee, limonamona le lino-mapholi. Kaha e tseba ho fifatsa letlalo, e sebelisoa litlolong tse sireletsang letlalo letsatsing. Kaha lero lena le ka boela la bolaea likokoana-hloko le libaktheria ke la bohlokoa haholo khoebong ea ho etsa meriana, moo le sebelisetsoang ho bolaea likokoana-hloko nakong eo ho etsoang opereishene, ha ho phekoloa mafu a mahlo le a letlalo. Lero le bitsoang bergamot pectin, e leng lero le fumanoang tholoaneng ena le nang le matla a ho hoamisa lintho, le sebelisoa ha ho etsoa metsoako e thibelang ho tsoa mali kapa e thibang letšollo.
Litsebi tse hlahlobisisang lintho li fumane lintho tse 350 tseo lero la bergamot le entsoeng ka tsona tse etsang hore le be le monko o ikhethang esita le litšobotsi tse ling tseo e leng lona feela le nang le tsona. Lintho tsena tsohle li fumaneha tholoaneng e le ’ngoe feela!
Ho ka etsahala hore ebe bangoli ba Bibele ba ne ba sa tsebe sefate sa bergamot. Leha ho le joalo, mang kapa mang ea ka ratang ho hlahloba sefate sena se hlahisang litholoana tse tšoanang le lamunu le bohlale ba ’Mōpi oa sona ruri o tla ba le mabaka a ho pheta mantsoe a mopesaleme ha a ne a re: “Rorisang Jehova . . . , lōna lifate tsa litholoana.”—Pesaleme ea 148:1, 9.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Joalo feela kaha batho ba bang ba hlōloa ke lintho tse kang peō e phofo ea joang kapa ea lipalesa, ba bang ba hlōloa ke litlolo tse inyanyatsang tse nkhang hamonate. Tsoha! ha e buelle sehlahisoa se itseng ka ho khetheha.
[Litšoantšo tse leqepheng la 25]
Lero la “bergamot” le tlhotloa ka ho fefa karolo e ka holimo ea lekhapetla la tholoana e feletseng
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Danilo Donadoni/Marka/age fotostock