“Ke Eona Ntho eo re Neng re Hlile re e Hloka!”
Ao ke mantsoe a ileng a buuoa ke ’mè e mong oa Italy ha a fumana buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo. O ile a re: “Ke ile ka sitoa ho thiba likeleli.” Ha a bua ka moralinyana oa hae, o ile a re: “Ha a e-s’o tsebe ho bala, empa litšoantšo li mo thusa ho hopola lintlha tsa sehlooho. O mamela ka hloko hobane e ngotsoe ka tsela ea moqoqo, ’me moralinyana o atisa ho kenella moqoqong. Ke mpho e ntle ka ho fetisisa eo re kileng ra e fuoa.”
Ntate e mong oa Italy o re eena le mosali oa hae ba ne ba ntse ba ipotsa hore na ba tla hlalosetsa moshanyana oa bona litaba tse amanang le ho kopanela liphate joang. Ba re: “Ha buka ena e ncha e lokolloa, re ile ra hlokomela hore Molimo o ne a lemohile seo re neng re tšoenyehile ka sona. Ha re qeta ho e hlahloba, re ile ra buisana kamoo buka ena e ncha e tlang ho khothalletsa mora oa rōna ho nahana lintho ka ho teba le ho beha mabaka kateng.”
Mocha e mong oa Japane ea neng a ile a hlekefetsoa bongoaneng, o ile a ngola e le ha a leboha ka buka eo, a re: “Ke ile ka lla sa ’mokotsane ’me ka leboha Jehova ke sa qete. Buka ena e bua ka bolokolohi ka lintho tseo bana ba ka ’nang ba tobana le tsona mehleng ena e khopo ’me e hlalosa taba ka tsela e nepahetseng. Lipotso tse botsitsoeng li fata ngoana maikutlo ka tsela e mosa. Khaolo ea 32 ke thuso e babatsehang hakaakang e sireletsang bana ho batho ba baholo ba khopo! Mohlomong bophelo ba ka bo ka be bo se tjee hoja lilemong tse 20 tse fetileng ke ne ke ile ka fumana buka e rutang ka ho toba joaloka ena.”
U ka kōpa buka ena e maqephe a 256, e nang le litšoantšo tse ntle, eo maqephe a eona a lekanang le makasine ena ka boholo. Tlatsa setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa hore le ntlisetse buka e bontšitsoeng mona.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.