Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/07 leq. 4
  • Etsa Hore ho Rene Lerato ka Lapeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Etsa Hore ho Rene Lerato ka Lapeng
  • Tsoha!—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Batsoali, Rutang Bana ba Lona ho Rata Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Ho Haha Lelapa le Matla Moeeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Tsela eo re ka Bang le Lerato la ’Nete ka Eona
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Rutang Bana ba Lōna ho Rata Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 8/07 leq. 4

Mohato oa 2

Etsa Hore ho Rene Lerato ka Lapeng

Ke hobane’ng ha u lokela ho nka mohato oo? Bana ba hloka lerato ’me ha ba hōle hantle ha le le sieo. Lilemong tsa bo-1950, M. F. Ashley Montagu, eo e neng e le setsebi sa thuto mabapi le batho, o ile a ngola: “Seo motho a se hlokang hore a hōle hantle ke lerato; ho fuoa lerato ke mohloli oa bophelo bo botle, haholo-holo lilemong tsa pele tse tšeletseng tsa bophelo.” Bafuputsi ba kajeno le bona ba tlatsa qeto eo ea Montagu ka ho re “bana ba lemala habohloko ha ba sa fumane lerato le lekaneng.”

Bothata: Ho phela lefatšeng lena le se nang lerato, la batho ba ichebileng bobona, ho tlisa tsitsipano ka lapeng. (2 Timothea 3:1-5) Banyalani ba ka ’na ba fumana hore mathata a lichelete le a amang maikutlo a ho hōlisa bana a mpefatsa mathata a seng a ntse a le teng lenyalong. Ka mohlala, ho se bone lintho ka tsela e tšoanang tabeng ea hore na bana ba khalemeloe joang le hore na ba putsoe joang ho ka eketsa tsitsipano pakeng tsa banyalani ba seng ba ntse ba e-na le mathata a puisano.

Tharollo: Lokisetsang hore lelapa la lōna le be le nako ea ho ba hammoho kamehla. Banyalani ba boetse ba lokela ho lokisetsa hore ba be le nako ea bona ba le bang. (Amose 3:3) Sebelisang hantle nako ea ha bana ba qeta ho ea robala. Le se ke la lumella TV hore e le jelle nako ena ea bohlokoa. Bolokang lerato le pakeng tsa lōna le le matla lenyalong ka ho lula le bontšana lerato. (Liproverbia 25:11; Sefela sa Lifela 4:7-10) Ho e-na le hore u lule u “fumana molato” ho molekane oa hao, batla litsela tseo u ka mo babatsang ka tsona letsatsi le letsatsi.—Pesaleme ea 103:9, 10; Liproverbia 31:28.

Bolella bana ba hao hore ua ba rata. Jehova Molimo o behetse batsoali mohlala ka ho bolela phatlalatsa hore o rata Mora oa hae, Jesu. (Matheu 3:17; 17:5) Ntate ea bitsoang Fleck, ea lulang Austria, o re: “Ke hlokometse hore bana ba batla ba tšoana le lipalesa. Joalokaha lipalesa tse nyenyane li retelehela letsatsing hore li fumane khanya le mofuthu, bana le bona ba retelehela ho batsoali ba bona bakeng sa lerato le ho kholisoa hore ke litho tsa bohlokoa tsa lelapa.”

Ebang u na le molekane kapa u motsoali ea se nang molekane, haeba u thusa litho tsa lelapa la hao hore li ratane le ho rata Molimo, bophelo ba lelapa la hao bo tla ntlafala.

Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo le re’ng ka ho sebelisa matla a botsoali?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]

“Lerato . . . ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.”—Bakolose 3:14

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela