Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/07 leq. 32
  • Ithute Seo Bibele e se Rutang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ithute Seo Bibele e se Rutang
  • Tsoha!—2007
Tsoha!—2007
g 8/07 leq. 32

Ithute Seo Bibele e se Rutang

Bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? e na le maqephe a 32 ’me e lekana le makasine ena. Morero oa eona ke ho thusa batho hore ba utloisise lithuto tsa motheo tsa Bibele. Bukana ena e bontša ka ho hlaka hore na morero oa Molimo ka batho ke ofe ebile e fana ka boitsebiso bo tsoang Bibeleng bo totobatsang seo re lokelang ho se etsa hore Molimo a re amohele. Lithuto tse ling tsa eona tse ipiletsang ke tse kang, “Molimo ke Mang?,” “Jesu Kreste ke Mang?,” “Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?” le “’Muso oa Molimo ke Eng?”

U ka ikōpela bukana ena kapa ua e tapela k’homphieutheng ea hao ho tsoa mocheng oa rōna oa boitsebiso oa Inthanete, e leng www.watchtower.org. Bukana ena e fumaneha ka lipuo tse sa tšoaneng tse fetang 250.

U ka kōpa bukana ena ka hore u tlatse setlankane sena se ka tlaase ’me u se romele atereseng e bontšitsoeng kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela