Mohato oa 5
E-ba le Kemiso ea Mesebetsi e Etsoang Kamehla ’me U e Latele
Ke hobane’ng ha u lokela ho nka mohato oo? Ho ba le kemiso ke karolo ea bohlokoa bophelong ba motho e moholo. Mosebetsi, borapeli esita le boithabiso hangata li etsoa ho latela kemiso e itseng. Batsoali ba lematsa bana ba bona haeba ba sa ba rute hore ba hlophise nako ea bona le ho latela kemiso e itseng. Ka lehlakoreng le leng, Dr. Laurence Steinberg, moprofesa oa thuto ea kelello o re: “Liphuputso li bontša hore ha ho e-na le melao le tlhophiso, seo se etsa hore ngoana a ikutloe a sireletsehile ’me se mo ruta hore a ithibe le ho itšepa.”
Bothata: Bophelo bo maphathaphathe. Batsoali ba bangata ba sebetsa lihora tse ngata, ka hona ba ka ’na ba e-ba le nako e fokolang eo ba e qetang ba e-na le bana ba bona kamehla. Ho ba le kemiso ea mesebetsi e etsoang kamehla ho hloka ho itaea le ho ikemisetsa ho hlōla boiteko boo ngoana a ka bo etsang qalong ba ho hanana le kemiso eo.
Tharollo: Sebelisa molao-motheo oa keletso ea Bibele e reng “lintho tsohle li ke li etsahale ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.” (1 Bakorinthe 14:40) Ka mohlala, ha bana ba sa le banyenyane, batsoali ba bangata ka bohlale ba ba le nako eo ba e behang letsatsi le leng le le leng ea ho ba le bana ba bona ha ba qeta ho kena ka likobong. Leha ho le joalo, nako eo e lokela hore e be e thabisang. Tatiana ea lulang Greece ea nang le baralinyana ba babeli, o re: “Ha bana ba kene ka likobong, ke ba pholla hamonate ’me ke ba bolelle hore na ’Mè o setse a etsa’ng ha bona ba le sekolong. Joale ke ba botsa hore na bona ba ka rata ho mpolella eng e etsahetseng motšehare. Baa phutholoha. Hangata ba mphetlela sefuba.”
Kostas, monna oa Tatiana, o balla baralinyana ba bona lipale. O re: “Ba hlalosa seo ba se utloileng paleng, ’me moqoqo o atisa ho qetella ka lintho tse ba amang. Ha ke ba botsa ka ho toba hore na ba tšoenngoa ke eng, seo ha se sebetse.” Ke ’nete hore ha bana ba hōla, u tla tlameha ho fetola nako ea ha ba le ka likobong ho latela se tšoanelang boemo ka nako eo. Empa haeba u tsoela pele u e-na le kemiso, bana ba hao ba tla tsoela pele ba sebelisa nako ena ho buisana le uena.
Ho phaella moo, ke bohlale hore malapa a be le tloaelo ea ho ja hammoho bonyane hanngoe ka letsatsi. E le hore sena se finyelloe, ho ka ’na hlokahala hore nako ea lijo e ’ne e feto-fetoloe. Charles, ea nang le barali ba babeli, o re: “Ka linako tse ling ke fihla lapeng ka mora nako ha ke tsoa mosebetsing. Mosali oa ka o fa barali lintho tseo ba ka tšoarisang mala ka tsona, empa o etsa bonnete ba hore kamehla rea emelana e le hore re ka ja hammoho re le lelapa. Re tšohla lintho tseo re li entseng motšehare, re hlahloba temana ea Bibele, re bua ka mathata a rōna le ho keketeha hammoho. Kemiso ena ke eona ea bohlokoa ka ho fetisisa e entseng hore lelapa la rōna le lule le thabile.”
E le hore u atlehe mohatong ona, u se ke ua lumella ho lelekisa lintho tse bonahalang hore ho senye kemiso ea lōna ea lelapa. Sebelisa keletso ea Bibele ea hore re ‘nepisise lintho tsa bohlokoa haholo.’—Bafilipi 1:10.
Ke eng e ’ngoe eo batsoali ba ka e etsang ho ntlafatsa puisano le bana ba bona?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]
“Lintho tsohle li ke li etsahale ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.”—1 Bakorinthe 14:40