Mohato oa 7
Ruta ka ho Beha Mohlala
Ke hobane’ng ha u lokela ho nka mohato oo? Motho a ka ruta ka liketso tsa hae. Hangata mantsoe a fetisa boitsebiso feela. Ka mohlala, batsoali ba ka ’na ba bolella bana ba bona hore e be ba hlomphang le ba buang ’nete. Leha ho le joalo, haeba batsoali bana ba tjolietsana kapa ba tjolietsa bana, ’me ba bua leshano hore feela ba se ke ba etsa lintho tse ba tlamang empa li ba bakela tšitiso e itseng, ba ruta bana hore tsela ena ke eona eo batho ba baholo ba lokelang ho itšoara ka eona. Dr. Sal Severe, eo e leng sengoli, o re “tsela e ’ngoe e matla ka ho fetisisa eo bana ba ithutang ka eona” ke ea ho etsisa batsoali.
Bothata: Batsoali ha baa phethahala. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.” (Baroma 3:23) Tabeng ea ho laola seo re se buang, morutuoa Jakobo o ile a ngola: “Leleme, ha ho le ea mong oa moloko oa batho ea ka le thapisang.” (Jakobo 3:8) Ho phaella moo, bana le bona ba atisa ho leka mamello ea batsoali haholo. Larry, ntate ea nang le bana ba babeli eo ka tloaelo e leng motho ea bonolo le ea khonang ho ithiba, o re: “Ke ile ka makalla hore na bana ba ka ba khona habonolo hakaakang ho etsa hore ke halefe!”
Tharollo: Lekang ho ba mehlala e metle, eseng e phethahetseng. Hape sebelisang liphoso tseo ka linako tse ling le li etsang e le monyetla oa ho ruta bana ba lōna thuto ea bohlokoa. Chris, ntate ea nang le bana ba babeli o re: “Ha ke ne ke halefetse bana ba ka kapa ke entse qeto e fosahetseng e ba amang hampe, ke ne ke lumela hore ke entse phoso ’me ke kōpe tšoarelo. Sena se ile sa ruta bana ba ka hore batsoali le bona ba etsa liphoso le hore kaofela re lokela ho sebetsa ka thata ho ntlafatsa boitšoaro ba rōna.” Kostas ea boletsoeng pejana o re: “Kaha ha ke ile ka halefa ke kōpa tšoarelo, ke lemohile hore barali ba ka ba ithutile hore ba kōpe tšoarelo ha ba entse liphoso.”
Jehova Molimo o re: “Le se ke la halefisa bana ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4) Ha motho e mong ea boholong a bua ho itseng empa a etsa ho fapaneng, sena se halefisa bana ka tsela e tšoanang le eo batho ba baholo ba halefang ka eona, kapa se halefisa bana le ho feta. Ka hona, ipotse lipotso tsena qetellong ea letsatsi ka leng: Haeba ke ne ke sa bua letho letsatsi lohle, ke ne ke tla be ke rutile bana ba ka eng ka liketso tsa ka? Na ke tsona lintho tseo ke lekang ho ba ruta tsona le ka molomo?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]
“Na uena ea rutang e mong, ha u ithute?”—Baroma 2:21
[Litšoantšo tse leqepheng la 9]
Ha motsoali a kōpa tšoarelo, ngoana le eena o ithuta ho etsa joalo