Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/07 leq. 32
  • “Hoja Bohle ba ne ba ka e Bala!”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Hoja Bohle ba ne ba ka e Bala!”
  • Tsoha!—2007
Tsoha!—2007
g 9/07 leq. 32

“Hoja Bohle ba ne ba ka e Bala!”

Mongoli o ne a bua ka buka ea Atamela ho Jehova. O ile a phaella: “Kaha hona joale ke utloisisa lerato la Jehova le ho feta, ke tlil’o le bontša ba bang haholoanyane.” ’Mali e mong ea e thabetseng o ile a hlalosa: “Ke sitoa ho hlalosa ka mantsoe hore na ke thabetse ho bala buka ena hakaakang le hore na e bile molemo hakae. . . . Ha ke tsoela pele ke e bala, ke khothala haholoanyane.”

Tlas’a likarolo tse ’nè tsa eona tse khōlō, buka ea Atamela ho Jehova e tšohla litšobotsi tsa Molimo tse ka sehloohong, e leng matla, toka, bohlale le lerato. ’Mali e mong o ile a hlalosa tjena: “Buka ena e nthusitse hore ke lemohe litšobotsi tse babatsehang tsa Ntate oa ka oa leholimo. E nthusitse ho utloisisa hore ke na le matla a ho bonahatsa litšobotsi tse tšoanang le tsa hae haeba ke lumella moea oa hae o halalelang hore o sebetse bophelong ba ka.”

Ka mor’a ho bala khaolo ea 26 e reng, “Molimo ea ‘Itokiselitseng ho Tšoarela,’” Joanna, mosali e mocha oa Poland, o ile a re: “Ke nka molaetsa oa buka ena e le letlotlo la bohlokoa ’me ho le fumana e bile habohlokoa haholo bophelong ba ka.”

Re lumela hore le uena u tla fumana thuso ea bohlokoa le matšeliso bukeng ena e maqephe a 320. U ka kōpa buka ena ka ho tlatsa setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa hore le ntlisetse buka ena e bontšitsoeng mona.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela