Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/07 leq. 32
  • E se Thusitse ho Etsa Moqoqo Sekolong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E se Thusitse ho Etsa Moqoqo Sekolong
  • Tsoha!—2007
Tsoha!—2007
g 10/07 leq. 32

E se Thusitse ho Etsa Moqoqo Sekolong

Sekolo se seng sa mosebetsi oa matsoho Jeremane se na le liithuti tse ngata tse tsoang linaheng tse ling. Li tsoa Afrika Boroa, Fora, Georgia, India, Lebanone, Poland, Russia, Ukraine, Vietnam le moo pele e neng e le Yugoslavia.

Seithuti se seng moo sea ngola: “Ke ile ka ithaopela ho etsa moqoqo sekolong ha ke fumana monyetla oa ho etsa joalo. Ke ile ka khetha sehlooho se reng ‘Likarabo Tse Sebetsang Lipotsong Tseo Bacha ba li Botsang,’ ’me ka tšetleha taba ea ka bukeng ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. Liithuti tse ling li ile tsa rata lihlooho tse tšohloang bukeng eo le litlhahiso tse thusang tseo e fanang ka tsona.

“Ha ke qeta ho bua, liithuti li ile tsa ntlhabela litlatse e le ho bontša hore lia ananela. Kaha kaofela ha tsona li ithuta lipuo li bile li utloisisa Senyesemane hantle, ke ile ka li fa libuka tse 30 tsa Bacha Baa Botsa ka Senyesemane, ka fa le tichere e ’ngoe ka Sejeremane.”

Seithuti sena se ile sa tsoela pele ho buisana le liithuti tse ling matsatsi hamorao, ’me le tsona tsa bontša thahasello. Se ile sa li fa lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tsa puo ea Searabia, Sebengali, Segeorgia, Sepolishe, Serussia, Sepanishe le Sevietnamo.

Mohlomong u tseba mocha ea ka thusoang ke buka ena ea Bacha Baa Botsa. Har’a likhaolo tsa eona tse 39 ho na le e reng: “Ke Joang Nka Etsang Metsoalle ea Sebele?,” “Ho Thoe’ng ka Likamano Tsa Botona le Botšehali Pele ho Lenyalo?” le e reng “Nka Tseba Joang Haeba e le Lerato la Sebele?” U ka kōpa buka ena ka ho tlatsa setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa hore le ntlisetse buka e bontšitsoeng mona.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela