Bophelo ka Mor’a Lefu—Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Ha e rute seo ba bangata ba ’nileng ba se bolelloa hore ea se ruta. Ka mohlala, ha e rute hore . . .
◼ Batho bohle ba lokileng ba fumana moputso oa ho ea phela leholimong.
◼ Beng ka rōna ba shoeleng ba lokela ho rapeloa kapa ho hlomphuoa ka tsela ea borapeli.
◼ Bafu ba ka lematsa batho ba phelang kapa ba ba tlisetsa melemo e itseng.
◼ Batho ba na le moea o sa shoeng—e leng thuto e rutoang ke malumeli a mangata, e hlahisitseng lithuto tse ngata tseo e seng tsa Mangolo, tse kang ho hlokofatsoa ha batho mollong oa lihele le ho tsoaloa hangata.
Leha ho le joalo, seo e se rutang sea babatseha ebile sea khatholla, joalokaha se hlalositsoe ka mokhoa o hlakileng le o bonolo bukeng e bontšitsoeng mona. U ka kōpa buka ena ka hore u tlatse setlankane sena se ka tlaase ’me u se romele atereseng e bontšitsoeng kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa buka e bontšitsoeng mona.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.