Ketsahalo ea Bohlokoa ka ho Fetisisa Historing
Ketsahalo eo e ne e le ea lefu la Jesu Kreste. Ke hobane’ng ha e le la bohlokoa?
Le ile la tlosa qoso ho lokeng ha Molimo, la bontša hore motho a ka tšepahala ho Molimo ka ho phethahetseng.
Le ile la fa moloko oa batho tšepo ea ho fumana bophelo bo sa feleng Paradeiseng lefatšeng.
Jesu o ile a theha sehopotso sa lefu la hae bosiung ba pele a e-shoa. Ketsahalo eo e ne e le tšebeletso e sa rarahanang. Ha e ntse e tsoela pele, Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.”—Luka 22:19, 20.
Na u tla e hopola?
Lipaki Tsa Jehova li u mema hore u kopanele le tsona ha li ikhopotsa ketsahalo ena ea bohlokoa ka ho fetisisa historing. Selemong sena, e tla ba ka Moqebelo oa la 22 March, ka mor’a hore letsatsi le likele. Re kōpa hore u botse Holong ea ’Muso e sebakeng sa heno ho tseba hore na e tla tšoaroa neng le hore na e tla tšoareloa hokae. Ha ho ntšoe koleke ’me baeti ba ka mamela puo e rutang le ho bona se etsahalang.