Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/08 maq. 4-7
  • Matsatsi a ho Qetela—Neng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Matsatsi a ho Qetela—Neng?
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pontšo ke Efe?
  • ‘Nako ea Bofelo’ e ne e Tla Qala Neng?
  • ‘Matsatsi a ho Qetela’ a Tla Fela Neng?
  • Na re Phela “Matsatsing a ho Qetela”?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Kamoo re Tsebang ka Teng Hore re Phela “Mehleng ea Qetello”
    Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
  • Na Bofelo ba Lefatše bo Haufi?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • ‘Matsatsi a ho Qetela’ ke Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 4/08 maq. 4-7

Matsatsi a ho Qetela—Neng?

MAKASINE e ’ngoe ea moraonyana tjena ea Sky & Telescope e re: “Lilemong tse ka bang limilione tse sekete tse tlang, re lebeletse hore Lefatše e tla be e le sebataolo se omeletseng hampe sa lehoatata. Ha ho bonahale eka lintho tse ngata tse phelang li tla tsoela pele li ntse li phela.” Hobane’ng? Makasine ea Astronomy e re “mocheso oa Letsatsi o tla pshesa metsi a maoatle ’me o tlabole lik’honthinente,” ’me e phaella ka ho re: “Boemo bona ba tlokotsi hase ’nete e sa jeseng litheohelang feela, empa hape ke qetello eo re ke keng ra e qoba.”

Leha ho le joalo, Bibele e re: “[Molimo] o thehile lefatše holim’a libaka tsa lona tse tiisitsoeng; le ke ke la sisinngoa ho isa nakong e sa lekanyetsoang, kapa ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 104:5) Ka sebele, Moetsi oa lefatše a ka boela a etsa hore le lule le le teng. Ha e le hantle, o ‘le etselitse hore le be le baahi.’ (Esaia 45:18) Empa eseng hore le ahoe ke batho ba khopo, ba shoang. Molimo o behile nako eo ka eona a tla tsosolosa bobusi ba hae a sebelisa ’Muso oo ho builoeng ka oona ho Daniele 2:44.

Jesu o ne a ruta ka ’Muso oa Molimo. O ile a bua ka nako ea ho ahlola lichaba. O ile a lemosa hore ho ne ho tla ba le matšoenyeho a maholo ho feta leha e le afe a kileng a e-ba teng. ’Me o ile a fana ka pontšo e nang le likarolo tse ngata e neng e tla bontša hore ho fela ha lefatše lena ho atametse.—Matheu 9:35; Mareka 13:19; Luka 21:7-11; Johanne 12:31.

Hore ebe motho oa bohlokoa joaloka Jesu o ile a bua ka lintho tseo ho entse hore batho ba bangata ba ipotse lipotso ka liketsahalo tsena. Lintho tsee li ne li tla etsahala neng? Ba bang ba lekile ho fumana hore na bofelo bo tla fihla neng ka ho ithuta boprofeta ba Bibele le tatellano ea liketsahalo ho latela nako ea tsona. E mong oa batho ba ileng ba fuputsa ka taba ena e bile setsebi sa thuto ea lipalo sa lekholong la bo17 la lilemo, e leng Monghali Isaac Newton, ea ileng a sibolla molao oa bokahohleng oa matla a khoheli a ba a qapa mokhoa oa ho sebetsa lipalo o bitsoang calculus.

Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Hase taba ea lōna ho tseba linako kapa mehla eo Ntate a e behileng ka taolo ea hae.” (Liketso 1:7) ’Me ha Jesu a fana ka ‘pontšo ea ho ba teng ha hae le ea qetello ea tsamaiso ea lintho,’ o ile a re: “Malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi a maholimo kapa Mora, haese Ntate feela.” (Matheu 24:3, 36) Ka mor’a ho bapisa timetso ea lefatše le khopo la mehleng ea Noe le timetso e tlang nakong ea “ho ba teng ha Mor’a motho,” Jesu o ile a re: “Ka hona, le lule le lebetse, hobane ha le tsebe hore na Morena oa lōna o tla ka letsatsi lefe.”—Matheu 24:39, 42.

Le hoja re sa bolelloa nako e tobileng ea hore na bofelo ba ‘tsamaiso ena ea lintho’ bo tla neng, “pontšo” eo Jesu a faneng ka eona e ne e tla re hlokomelisa ha re se re phela “matsatsing a ho qetela.” (2 Timothea 3:1) Eo e ne e tla ba nako ea hore ‘re lule re falimehile’ e le hore re “ka atleha ho phonyoha lintho tsena tsohle tse reretsoeng hore li etsahale.”—Luka 21:36.

Pele Jesu a fana ka pontšo, o ile a fana ka temoso ena: “Hlokomelang hore le se ke la khelosoa; kaha ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re, ‘’Na ke eena,’ hape ba re, ‘Nako e loketseng e atametse.’ Le se ke la ba sala morao. Ho feta moo, ha le utloa ka lintoa le ho hloka taolo, le se ke la tšoha. Etsoe lintho tsena li tla ba teng pele, empa bofelo ha bo be teng kapele-pele.”—Luka 21:8, 9.

Pontšo ke Efe?

Ha Jesu a re bolella lintho tse neng li tla tšoaea matsatsi a ho qetela, o ile a re: “Sechaba se tla tsohela sechaba matla, le ’muso o tla tsohela ’muso matla; ’me ho tla ba le litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše, le mafu a seoa le likhaello tsa lijo sebakeng se seng ka mor’a se seng; ’me ho tla ba le lipono tse tšabehang le lipontšo tse khōlō tse tsoang leholimong.” (Luka 21:10, 11) Jesu o ile a boela a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:14) Lintho tseo Jesu a itseng li ne li tla ba teng—e leng lintoa, litšisinyeho tsa lefatše, mafu a seoa, khaello ea lijo—li ne li tla be li sa qale ho etsahala. Ke khale li etsahalla batho. Phapang feela ke hore li ne li tla etsahala kaofela ka nako e le ’ngoe.

Ak’u ipotse, ‘Likarolo tsohle tsa pontšo eo Jesu a buileng ka eona Likosepeleng li etsahetse neng ka nako e le ’ngoe?’ Ho tloha ka selemo sa 1914, ho ’nile ha loanoa lintoa tsa lefatše tse mahlo-mafubelu; ha ba le litšisinyeho tsa lefatše tse tlisang tlokotsi, tse kang litsunami; ha ba le mafu a seoa a kang malaria, ntaramane le AIDS; batho ba limilione ba bolaoa ke tlala; batho lefatšeng ka bophara ba tsielehile ke ho tšaba bokhukhuni le ho timetsoa ka libetsa tse bolaeang larita; ’me Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara li ’nile tsa bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo oa leholimo. Lintho tsena li etsahetse feela joalokaha Jesu a boletse esale pele.

Hape hopola seo moapostola Pauluse a ileng a se ngola, ha a re: “Tseba sena, hore matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. Etsoe batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba ikhohomosang ka boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo, ba nang le ponahalo ea boinehelo ba bomolimo empa ba se na ’nete matleng a bona.” (2 Timothea 3:1-5) “Linako tse mahlonoko” tse neng li tla bonoa ka ho ata ha tlōlo ea molao, ho hloka tšabo ea bomolimo, liketso tse sehlōhō le ho iketelletsa pele ka mabifi li ne li tla bonahala lefatšeng ka bophara.a

Empa na ebe ‘matsatsi a ho qetela’ a lokelang ho tla pele bofelo bo fihla e ntse e le hona a tlang? Na ho na le bopaki bo bong bo bontšang hore na a ne a tla qala neng?

‘Nako ea Bofelo’ e ne e Tla Qala Neng?

Ka mor’a hore moprofeta Daniele a bontšoe esale pele lintho tse neng li tla etsahala lilemo tse ngata hamorao, o ile a bolelloa: “Nakong eo [“nakong ea bofelo” e boletsoeng ho Daniele 11:40] Mikaele [Jesu Kreste] o tla raoha, khosana e khōlō e emeng molemong oa bara ba sechaba sa heno.” (Daniele 12:1) Mikaele o ne a tla etsa’ng?

Buka ea Tšenolo e bua ka nako eo Mikaele a neng a tla busa ka eona e le Morena. E re: “Ntoa ea qhoma leholimong: Mikaele le mangeloi a hae ba loana le drakone, ’me drakone le mangeloi a eona ba loana empa ha ea ka ea hlōla, leha e le hore ho ile ha hlola ho fumanoa sebaka bakeng sa bona leholimong. Kahoo drakone e khōlō ea liheloa tlaase, noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane, e khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona; ea liheloa tlaase lefatšeng, ’me mangeloi a eona a liheloa tlaase le eona. Ka lebaka lena thabang, lōna maholimo le lōna ba lulang ho ’ona! Ho malimabe lefatše le leoatle, hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.”—Tšenolo 12:7-9, 12.

Tlaleho ea tatellano ea liketsahalo tsa Bibele ho ea ka nako ea tsona, e bontša hore ntoa ena e ntšang Satane le bademona ba hae leholimong, e ne e tla tlisa bomalimabe bo boholo lefatšeng ka lebaka la ho halefa ha Diabolose hobane a tseba hore o saletsoe ke nako e khutšoanyane a busa lefatšeng. O ne a tla halefa le ho feta matsatsing a ho qetela ho fihlela a hlōloa ka ho feletseng ntoeng ea Armagedone.—Tšenolo 16:14, 16; 19:11, 15; 20:1-3.

Ha moapostola Johanne a qeta ho bua ka liphello tsa ntoa eo e loannoeng leholimong, o ile a re: “Ka utloa lentsoe le phahameng leholimong le re: ‘Joale ho hlahile poloko le matla le ’muso oa Molimo oa rōna le bolaoli ba Kreste oa hae, hobane moqosi oa barab’abo rōna, ea ba qosang bosiu le motšehare ka pel’a Molimo oa rōna o lihetsoe tlaase!’” (Tšenolo 12:10) Na u hlokometse hore temana ee e phatlalatsa ho thehoa ha ’Muso o laoloang ke Kreste? E, ’Muso oo oa leholimo o hlonngoe ka 1914.b Leha ho le joalo, Pesaleme ea 110:2 e bontša hore Jesu o ne a tla busa “har’a lira tsa [hae]” ho fihlela nakong eo ’Muso oo o tla busa holim’a lefatše joalokaha o busa leholimong.—Matheu 6:10.

Ho thahasellisang ke hore lengeloi le ileng la bolella moprofeta Daniele lintho tse tlang ho tla, le ile la boela la re: “Ha e le uena, Daniele, etsa hore mantsoe ana e be sephiri ’me u tiise buka, ho fihlela nakong ea bofelo. Ba bangata ba tla phenya, ’me tsebo ea ’nete e tla ba ngata.” (Daniele 12:4) Bona ke bopaki bo bong ba hore hona joale re phela “nakong ea bofelo.” Ho se ho hlakisitsoe se boleloang ke boprofeta bona ’me hona joale sena se boleloa lefatšeng ka bophara.c

‘Matsatsi a ho Qetela’ a Tla Fela Neng?

Bibele ha e bolele hore na hantle-ntle matsatsi a ho qetela a tla ba malelele hakae. Empa matsatsing a ho qetela, lintho li tla mpefala lefatšeng ha nako e saletseng Satane e ntse e khutsufala le ho feta. Moapostola Pauluse o ile a lemosa esale pele hore “batho ba khopo le baikhakanyi ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang, ba khelosa ebile ba ntse ba khelosoa.” (2 Timothea 3:13) ’Me ha Jesu a bua ka lintho tse tlang, o ile a re: “Matsatsi ao e tla ba matsatsi a matšoenyeho ao a kang ’ona a e-s’o ka a e-ba teng ho tloha tšimolohong ea pōpo eo Molimo a ileng a e bōpa ho fihlela ka nako eo, ’me a ke ke a e-ba teng hape. Ha e le hantle, hoja Jehova o ne a sa khutsufatsa matsatsi ao, ha ho nama e neng e tla pholoha. Empa ka lebaka la bakhethoa bao a ba khethileng o khutsufalitse matsatsi ao.”—Mareka 13:19, 20.

Lintho tse ling tseo e leng hona li tla etsahala ke “matšoenyeho a maholo,” ho akarelletsa ntoa ea Armagedone le ho koalloa ha Satane le bademona ba hae e le hore ba se ke ba susumetsa ba lefatšeng. (Matheu 24:21) “Molimo, ea ke keng a bua leshano,” o re tiiselitse hore lintho tsena li tla fela li etsahale. (Tite 1:2) Ho kenella ha Molimo ke hona ho tla tlisa Armagedone le ho etsa hore Satane a koalloe.

Moapostola Pauluse o ile a bululeloa hore a re bolelle ka ho hlaka se tlang ho etsahala pele Molimo a tlisa timetso. Ha a bua “ka linako le mehla,” o ile a ngola a re: “Letsatsi la Jehova le tla hantle feela joaloka lesholu bosiu. Neng kapa neng ha ba re: ‘Khotso le tšireletseho!’ joale timetso ea tšohanyetso e tla ba holim’a bona hang-hang feela joaloka bohloko ba mahlomola ho mosali oa moimana; ’me ho hang ba ke ke ba phonyoha.” (1 Bathesalonika 5:1-3) Ha ho boleloe hore na ke’ng e tla susumetsa hore ho be le phatlalatso ea bohata ea “khotso le tšireletseho,” re se re tla bona ha nako eo e fihla; empa phatlalatso eo ha e na ho thibela ho tla ha letsatsi la Jehova la kahlolo.d

Haeba re kholisehile hore boprofeta bona bo tla phethahala, ho tseba lintlha tsena ho lokela ho re susumelletsa ho nka khato. Ka tsela efe? Petrose o re: “Kaha lintho tsena tsohle li tla qhibiliha ka tsela eo, le tšoanela ho ba batho ba mofuta ofe liketsong tse halalelang tsa boitšoaro le liketsong tsa boinehelo ba bomolimo, le letile ’me le lutse le hopola ho ba teng ha letsatsi la Jehova!” (2 Petrose 3:11, 12) Empa u ka ’na ua ipotsa, ‘See se ntsoela molemo joang?’ Sehlooho se latelang se tla araba potso ena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho fumana bopaki bo eketsehileng ka ‘matsatsi a ho qetela,’ bona Tsoha! ea April 2007, leqepheng la 8-10, le Molula-Qhooa oa September 15, 2006, leqepheng la 4-7, le oa October 1, 2005, leqepheng la 4-7, tse hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

b Ho fumana lintlha tse mabapi le tatellano ea liketsahalo tsa Bibele ho ea ka nako ea tsona, bona buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? leqepheng la 215-18, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

c Bona buka ea Ela Hloko Boprofeta ba Daniele! le Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2008, leqepheng la 31-9, tse hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

d Bona buka ea Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! (khatiso ea 2006), leqepheng la 250-1, serapa sa 13 le sa 14.

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 5]

Jesu o ile a re ke Molimo feela ea tsebang “letsatsi leo le hora eo”

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Monghali Isaac Newton

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

©A. H. C./age fotostock

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Pontšo eo Jesu a faneng ka eona e ’nile ea bonahala ho tloha ka 1914

[Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

©Heidi Bradner/Panos Pictures

©Paul Smith/Panos Pictures

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela