Ho Hlōla ho Tepella Maikutlo ha Bacha
BARUTOANA ba thupelong ea Senyesemane Mexico ba ile ba bolelloa hore ba lokisetse ho fana ka puo ka taba leha e le efe eo ba ikhethelang eona. Maritza oa hlalosa: “Ke ne ke qetile nako ke tepeletse maikutlong ’me ka thusoa ke lihlooho tsa Tsoha! ea September 8, 2001, e neng e e-na le sehlooho se reng ‘Thuso Bakeng sa Bacha ba Tepelletseng Maikutlo.’ Ka hona, ke ile ka sebelisa boitsebiso ba makasine ena, ’me puo ea ka e ile ea fumana limaraka tse holimo. Ka mor’a moo, ke ile ka fa barutoana ba bang le mesuoe kopi ea lihlooho tseo.”
Lilemo tse peli hamorao ha Maritza a le tšebeletsong ea Bokreste ea boboleli, o ile a etela morutoana e mong ea ithutang Senyesemane moo a neng a rupeloa teng. Maritza o ile a makala ha morutoana eo a mo bontša kopi ea lihlooho tsa Tsoha! tse buang ka ho tepella maikutlo ha bacha. Ho bonahala mosuoe eo a nka lihlooho tseo e le tsa bohlokoa hoo a fang morutoana e mong le e mong kopi ea tsona!
Boitsebiso bo eketsehileng ka ho tepella maikutlo ha bacha bo ka fumanoa bukeng ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. Likhaolo tsa eona li akarelletsa lihlooho tse reng “Ke Hobane’ng ha ke sa Ithate?,” “Ke Hobane’ng ha ke Tepella Maikutlong Hakana?,” le se reng “Nka Leleka Bolutu ba ka Joang?” U ka kōpa buka ena ka hore u tlatse setlankane sena se ka tlaase ’me u se romele atereseng e bontšitsoeng kapa ho e ’ngoe e loketseng liatereseng tse leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa buka e bontšitsoeng mona.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.