Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/08 leq. 3
  • Na See se Supa Tlokotsi?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na See se Supa Tlokotsi?
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo ba Bang ba Nahanang Hore se Tla Etsahala
  • Ho Etsahala’ng ka Boemo ba Leholimo?
    Tsoha!—2003
  • Na Lefatše le Kotsing?
    Tsoha!—2008
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2008
  • Liphihlelo tse Tsoang Tuvalu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 8/08 leq. 3

Na See se Supa Tlokotsi?

Koranta e bitsoang The New Zealand Herald e bolela hore “Veu Lesa, e leng moahi ea lilemo li 73 oa Tuvalu, ha a hloke ho bolelloa ke litlaleho tsa bo-rasaense hore leoatle le ntse le phahama. Mabōpo a neng a le teng ha e sa le ngoana a ntse a nyamela. Lijalo tseo a neng a fepa ba lelapa la hae ka tsona li bolailoe ke metsi a letsoai. Ka April [2007], o ile a tlameha ho siea lehae la hae ha metsi a leoatle a tlala ka tlung, a tla a hohotse majoe le litšila.”

KORANTA ea Herald e re ho baahi ba lihlekehlekeng tsa Tivalu, tse phahametseng leoatle ka limithara tse ’nè feela, ho futhumala ha lefatše hase feela taba eo bo-rasaense ba buang ka eona, empa “ke ntho ea sebele eo ba e bonang letsatsi le letsatsi.”a Ba likete ba se ba faletse lihlekehlekeng tseo, ’me ba bang ba bangata le bona ba itokisetsa ho falla.

Ho sa le joalo, Robert, ea lulang Brisbane, Australia, o lumeletsoe ho nosetsa jarete ka matsatsi a itseng feela, le hona ka nkho eseng ka lethopo. Haeba a sa ee libakeng tseo ho hlatsoetsoang likoloi ho tsona moo metsi a le mang a sebelisoang hangata, o lumeletsoe feela ho hlatsoa likarolo tse itseng tsa koloi—e leng liipone, lifensetere le linomoro tsa koloi. Ke hobane’ng ha ho behiloe lithibelo tse joalo? Robert o lula karolong ea naha e oetsoeng ke komello e mpe ka ho fetisisa lilemong tse lekholo tse fetileng. Libakeng tse ling boemo bo bobe le ho feta. Na mathata aa a Australia le Tuvalu ke bopaki ba hore lefatše le ntse le futhumala?

Seo ba Bang ba Nahanang Hore se Tla Etsahala

Ba bangata ba lumela hore lintho tseo batho ba li etsang ke tsona tse tlatsetsang haholo ho etseng hore lefatše le futhumale, e leng se ka ’nang sa senya tlelaemete le tikoloho. Ka mohlala, ho qhibiliha ha leqhoa le lengata le aparetseng lefatše le ho atoloha ha maoatle ha metsi a ntse a futhumala ho ka etsa hore metsi a leoatle a phahame. Lihlekehleke tse kang tsa Tuvalu tse sa phahamelang leoatle hakaalo li ka nyamela, hammoho le likarolo tse ling tse khōlō tse joaloka Netherlands le Florida, ha re bolela libaka tse peli feela. Batho ba limilione ba ka lahleheloa ke mahae libakeng tse kang Beijing, Shanghai, Calcutta le likarolong tse ling tsa Bangladesh.

Ka nako e tšoanang, ha mocheso o ntse o eketseha seo se ka baka lifefo, likhohola le komello. Ho qhibiliha ha leqhoa lithabeng tsa Himalaya—le fepelang linōka tse supileng—ho ka etsa hore karolo ea 40 lekholong ea baahi ba lefatše e hloke metsi a hloekileng. Liphoofolo tsa mefuta-futa le tsona li kotsing, ho akarelletsa libere tse phelang leqhoeng, tse qetang boholo ba nako li tsoma leqhoeng. Ha e le hantle, litlaleho li bontša hore libere tse ngata lia ota ’me tse ling li bolaoa ke tlala.

Ho eketseha ha mocheso ho ka boetse ha jala maloetse ka potlako kaha menoang, matsetse, le lintho tse jalang maloetse, tse kang fungi li ka fihla libakeng tse hōle. Bulletin of the Atomic Scientists e re: “Likotsi tse bakoang ke ho fetoha ha tlelaemete li batla li tšoana le tsa libetsa tsa nyutlelie. Liphello li ka ’na tsa se ke tsa bonahala hakaalo qalong . . . , empa lilemong tse mashome a mararo ho isa ho a mane tse tlang ho ka senya tikoloho eo batho ba phelang ho eona ka tsela eo e ke keng ea lokisoa.” Bo-rasaense ba bang ba bile ba nahana hore boemo bo tšosa le ho feta kaha liphetoho tse bakoang ke ho futhumala ha lefatše li etsahala ka potlako ho feta kamoo ba neng ba lebeletse kateng.

Re lokela ho fihlela qeto efe ka see seo ba bang ba se nahanang? Na bophelo lefatšeng bo hlile bo tlokotsing? Ba belaellang hore lefatše le ntse le futhumala ba bolela hore lintho tsena tse tšosang tseo batho ba li nahanang ha li utloahale. Ba bang ha ba tsebe hantle. Joale, ’nete ke efe? Na bokamoso ba lefatše le ba rōna bo kotsing?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a “Ho futhumala ha lefatše” ho bolela hore mocheso o ntse o eketseha sepakapakeng le maoatleng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela