Thuso ha Motho a Saretsoe
◼ Mosali e mong o ile a hlokahalloa ke ntate ha a le lilemo li 12. Ka mor’a moo, o ile a qeta lilemo tse ngata a tšoenyehile a bile a tepeletse maikutlong. Lengolong leo a ileng a le ngolla ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova Canada, o ile a re:
“Ke ile ka fumana matšeliso ha ke bala bukana ea Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa ’me e ile ea nthusa ho kokobetsa bohloko ba ho sareloa. Le kajeno ke ntse ke lla ha ke hopotse Ntate. Empa ka mor’a hore ke bale, ke thuise, ke rapele haesita le ho lla ha ke ntse ke bala bukana ena le mangolo, bohloko boo ke bo utloang boa kokobela kaha hona joale ke tšelisoa ke litšepiso tsa Molimo.
“Mantsoe a bukana ena le mangolo a ho eona ke a bohlokoa haholo ho ’na kaha a nthoba pelo. Ke ikutloa ke le betere haholo. Ke khothalletsa motho ea saretsoeng hore a bale bukana ena ho fumana thuso e molemo ka ho fetisisa.”
Na u shoetsoe ke motho eo u mo ratang? Na u ntse u saretsoe ka lebaka la seo? Na u hloka se ka u thusang ho kokobetsa bohloko boo u bo utloang? Bibele e tšepisa eng ka bafu? Mohlomong u ka ’na ua tšelisoa ke ho bala bukana e maqephe a 32 e reng Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa kapa mohlomong e ka tšelisa motho e mong eo u mo tsebang. U ka kōpa bukana ena ka hore u tlatse setlankane sena se ka tlaase ebe u se romela atereseng e bontšitsoeng kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa le ntlisetse bukana e bontšitsoeng mona.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.