Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/08 leq. 32
  • Tichere ea Hae e Ile ea e Buella

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tichere ea Hae e Ile ea e Buella
  • Tsoha!—2008
Tsoha!—2008
g 10/08 leq. 32

Tichere ea Hae e Ile ea e Buella

◼ Bacha ba ka fumana keletso le tataiso e ka tšeptjoang hokae? Cheren ea lilemo li leshome le metso e meraro, ea lulang Italy, o ile a thabela ho bala buka e reng Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. Haufinyane tjena, o ile a fumana monyetla oa ho hlalosetsa bana bao a kenang le bona ka tlelaseng lintlha tse mo khahlileng tseo a li balileng bukeng ena.

Oa hlalosa: “Ke sehlopheng sa borobeli ’me ka tlelaseng re ’nile ra bua ka mathata ao ka ho khetheha bacha ba tobanang le ’ona. Ka letsatsi le leng tichere ea ka e ile ea re ho ’na e utloetse hore lingoliloeng tsa rōna li thusa bacha. E ile ea nkōpa hore ke e tlele le e ’ngoe ea lingoliloeng tseo. Ka hona, ke ile ka e tlela le buka ea Bacha Baa Botsa.

“Matsatsi a ’maloa hamorao, tichere ea ka e ile ea sebelisa buka ena, ea tšohla khaolo ea 10 le bohle ka tlelaseng, e nang le sehlooho se reng ‘Chebahalo e Bohlokoa Hakae?’ E bile ea re fa mosebetsi o etsetsoang hae o thehiloeng karolong e qetellong ea khaolo eo e reng, ‘Lipotso tsa Puisano.’ E ile ea re, ‘Buka ena e ngotsoe hantle hona hoo! Ke hampe hore ebe ba bang ba lōna ha le na eona.’

“Ke ile ka re ba batlang buka ena nka ba tlisetsa eona, ’me ba 16 ka tlelaseng ba ile ba e kōpa. Ha ke ba fa libuka tsa bona, liithuti tse neng li itse ha li e thahaselle li ile tsa fetola maikutlo ’me tsa e batla!”

Buka ea Bacha Baa Botsa e boetse e na le likhaolo tse kang tse reng, “Ke Hobane’ng ha ke Tepella Maikutlong Hakana?,” “Nka Tseba Joang Haeba e le Lerato la Sebele?,” “Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Hana Lithethefatsi?,” le e reng, “Nka Laola Tloaelo ea ka ea ho Shebella TV Joang?” U ka kōpa buka ena ka hore u tlatse setlankane sena se ka tlaase ebe u se romela atereseng e bontšitsoeng kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa le ntlisetse buka e bontšitsoeng mona.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela