O Phekotsoe ke “Buka ea Khale Haholo”
◼ Paki e ’ngoe ea Jehova ea Brazil, Amerika Boroa, e ne e ntse e etela batho malapeng, ha e tla fumana mosali e mong ea ileng a e bolella hore ho na le buka e phekotseng matsal’ae. Kaha e ne e labalabela ho tseba, Paki eo e ile ea mo botsa hore na ke buka efe eo. Mosali eo o ile a re: “Ke buka e ’ngoe ea khale haholo,” eaba o ntša Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele e tsofetseng.
Mosali eo o ile a e hlalosetsa hore matsal’ae o ne a sithabetse maikutlong ’me a tšaba lefu le ho ba lefifing hoo a neng a sa tsohe liphateng. Mora oa mosali eo o ne a e-na le buka ea Lipale tsa Bibele, eaba o qala ho e balla nkhono oa hae. Nkhono eo o ile a khothatsoa ke seo setloholo se neng se mo balla sona hoo a ileng a hlōla bothata ba hae.
Paki eo e re: “Ha ke bolella mosali eo hore buka eo e hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova le hore nka mo tlisetsa e ’ngoe e ncha, o ile a nkōpa hore ke mo tlisetse tse peli—e ’ngoe e be ea matsal’ae, e ’ngoe e be ea hae. Ha ke mo tlisetsa libuka tseo, o ile a nkōpa tse ling hape. Qetellong, ke ile ka mo fa libuka tse 16 hore a li fe metsoalle ea hae!”
U ka kōpa Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele, e nang le lipale tse 116 tse buang ka batho le liketsahalo tse ka Bibeleng. Ho tloha ha buka ena e hatisoa lilemong tse 30 tse fetileng, ho se ho hatisitsoe tse fetang limilione tse 72. U ka kōpa buka ena ka hore u tlatse setlankane sena se ka tlaase ebe u se romela atereseng e bontšitsoeng kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa le ntlisetse buka e bontšitsoeng mona.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.