Ke Phela Nakong ea Liphetoho Tsa Bohlokoa Korea
Joalokaha ho Boletse Chong-il Park
“Lekoala tooe! U tšaba ho ea shoela ntoeng. Ha u batle ho ea bosoleng, u etsa eka letsoalo la hao lea u hanela ka lebaka la bolumeli.” Ke kamoo mookameli oa Lefapha la Mautloela a ileng a nqosa kateng ha ke ne ke eme ka pel’a hae ka June 1953, lilemong tse fetang 55 tse fetileng.
SENA se etsahetse nakong ea Ntoa ea Korea. Mookameli eo o ile a ntša sethunya a ntan’o se beha deskeng ea hae. O ile a re: “Joale, ha u sa batle ho shoella ntoeng, u tla shoella mona. Na u batla ho inahana ka taba ee?”
Ke ile ka mo araba ke tiile, ka re: “Che.” Ha mookameli a utloa seo, o ile a laela ofisiri e ’ngoe hore e lokisetse hore ke bolaoe.
Ke ile ka ba boemong bona hobane ke ne ke bitselitsoe bosoleng empa ke hanne. Ha re ntse re eme moo, ke ile ka bolella mookameli eo hore ke inehetse ho Molimo, kahoo ke lumela hore ho fosahetse ho itella ntho leha e le efe, haese ho sebeletsa Molimo feela. Ho ile ha feta metsotso e seng mekae re thōtse. Nakoana ka mor’a moo, ofisiri eo e ile ea khutla ’me ea tlaleha hore e se e lokiselitse hore ke bolaoe.
Ka nako eo batho ba bangata ba Korea Boroa ba ne ba sa tsebe hakaalo ka Lipaki Tsa Jehova, re se re sa re letho ka hore ka lebaka la bolumeli li hana ho kenela tšebeletso ea bosole pusong leha e le efe. Pele ke hlalosa se ileng sa etsahala ka mor’a moo, e re ke u bolelle hore na ho tlile joang hore ke etse qeto eo ke ileng ka e bolella mookameli oa sesole.
Kamoo ke Hōtseng Kateng
Ke hlahile ka October 1930, ke le mora oa matsibolo lelapeng leso, le neng le lula motseng o haufi le Seoul, eo ka nako eo e neng e le motse-moholo oa Korea. Ntate-moholo e ne e le molateli ea khothetseng oa Confucius, ’me o ne a nkoetlisa hore le ’na ke etse se tšoanang. O ne a sa batle hore ke kene sekolo, kahoo ke qalile ho ea sekolong ha ke le lilemo li leshome, ka mor’a hore a hlokahale. Joale, ka 1941, Japane le United States li ile tsa kena Ntoeng ea II ea Lefatše ’me li ne li loantšana.
Kaha Korea e ne e laoloa ke Japane, hoseng ho hong le ho hong rōna bana ba sekolo re ne re lokela ho ba teng ha ho tlotloa moemphera oa Japane. Rakhali le monna oa hae e ne e le Lipaki tsa Jehova ’me ba ne ba le teronkong nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, kaha ba ne ba hanne ho tšehetsa ntoa ka mabaka a bolumeli. Majapane a ne a tšoara Lipaki ka sehlōhō hoo tse ling tsa tsona li ileng tsa shoa, ho kopanyelletsa le monna oa rakhali. Ka mor’a moo, rakhali o ile a tla lula lapeng.
Korea e ile ea lokolloa ho Japane ka 1945. Rakhali le Lipaki tse ling tseo le tsona li neng li koaletsoe teronkong, ba ile ba nthusa hore ke qale ho ithuta Bibele ka tieo ’me ke ile ka kolobetsoa ka 1947 ke le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ka August 1949, Don le Earlene Steele, bao e neng e le baromuoa ba pele ba ho romeloa Korea, ba koetlisitsoeng Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, ba ile ba fihla Seoul. Ka mor’a likhoeli tse seng kae ho ile ha tla baromuoa ba bang.
Ka la 1 January, 1950, ke ile ka sebetsa ’moho le Lipaki tse ling tse tharo tsa Makorea ke le pula-maliboho, e leng kamoo basebeletsi ba nako e tletseng ba Lipaki Tsa Jehova ba bitsoang kateng. E ne e le rōna bo-pula-maliboho ba pele Korea, ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše.
Bophelo Nakong ea Ntoa ea Korea
Nakoana ka mor’a moo, ka Sontaha sa la 25 June, 1950, ntoa e ile ea qhoma pakeng tsa Korea Leboea le Korea Boroa. Ka nako eo ho ne ho e-na le phutheho e le ’ngoe feela ea Lipaki naheng ea Korea, eo re neng re kopanela ho eona re le 61, Seoul. Ofisi ea Bonģosa ba United States e ile ea laela baromuoa bohle hore ba tsoe naheng eo e le hore ba sireletse bophelo ba bona. Lipaki tse ngata tsa moo le tsona li ile tsa tloha Seoul tsa ea libakeng tse sa tšoaneng karolong e ka boroa ea naha.
’Muso oa Korea Boroa o ile oa hanela bahlankana ba neng ba lekana le ’na ’me ba le lilemong tsa ho ea bosoleng, hore ba tlohe Seoul. Masole a Makomonisi a ile a kena ka tšohanyetso motseng oa Seoul ’me a laola sebaka seo. Esita le hoja ke ile ka tlameha ho qeta likhoeli tse tharo ke ipatile ka kamoreng e nyenyane nakong eo, ke ne ke ntse ke pakela batho ka ’Muso oa Molimo. Ka mohlala, ke ile ka kopana le tichere e ’ngoe, eo le eona e neng e ipatetse Makomonisi. E ile ea qetella e lula le ’na, ’me ke ne ke e khannela thuto ea Bibele letsatsi le leng le le leng. Ka mor’a nakoana, e ile ea kolobetsoa e le mong oa Lipaki Tsa Jehova.
Qetellong, liofisiri tsa Makomonisi tsa Korea Leboea li ile tsa re fumana moo re ipatileng teng. Re ile ra li bolella hore rōna re liithuti tsa Bibele ’me ra li hlalosetsa seo Bibele e se rutang ka ’Muso oa Molimo. Re ile ra makatsoa ke hore ho e-na le hore li re tšoare, li ile tsa thahasella molaetsa oa Bibele. Ha e le hantle, tse ling li ile tsa khutla ka makhetlo a ’maloa li batla ho utloa ho eketsehileng ka ’Muso oa Molimo. Phihlelo ena e ile ea matlafatsa tumelo ea rōna tabeng ea hore Jehova oa sireletsa.
Ka mor’a hore mabotho a Machaba a Kopaneng a boele a laole Seoul, ke ile ka fumana tumello e khethehileng ea ho ea motseng oa Taegu, ka March 1951. Ha ke le moo ke ile ka fumana monyetla oa ho qeta likhoeli tse ’maloa ke bolela litaba tse molemo le Lipaki tse ling. Joale pele ntoa e lala, Don Steele o ile a khutlela Korea, ka November 1951.
Ke ile ka mo thusa ho hlophisa bocha mosebetsi oa rōna oa boboleli. Molula-Qhooa le Informant—e neng e fana ka litaelo tsa hore na Lipaki li etse mosebetsi oa boboleli joang—li ne li lokela ho fetoleloa ka Sekorea, li thaepuoe ho be ho etsoe likopi tse ngata tsa tsona. Lingoliloeng tsena li ne li romeloa liphuthehong, tseo ka nako eo li neng li le metseng e sa tšoaneng. Ka linako tse ling ke ne ke tsamaea le Don, re etela liphutheho ho li khothatsa.
Ka January 1953, ke ile ka thaba haholo ha ke fumana lengolo le neng le ’memela ho ea Sekolong sa Gileade se New York ho ea koetlisetsoa boromuoa. Leha ho le joalo, ka mor’a hore ke etsetsoe litokisetso tsa ho tsamaea ka sefofane, ke ile ka fumana molaetsa o tsoang ofising ea ’muso oa Korea, oa hore ke itlalehe teng bakeng sa ho ea bosoleng.
Ke Khetha Pakeng Tsa Lefu le Bophelo
Ha ke le setsing sa ngoliso, ke ile ka hlalosetsa ofisiri ea moo hore ha ke nke lehlakore lipolotiking le hore ha ke batle ho ea bosoleng. Ha e utloa seo, e ile ea nkisa Lefapheng la Mautloela hore ba ke ba hlahlobe hore na ke Lekomonisi. Ke ha ke tla tlameha ho khetha pakeng tsa lefu le bophelo, joalokaha ke boletse pejana. Empa ho e-na le hore mookameli eo a nthunye, o ile a raoha, a fa ofisiri molamu oo a ileng a e laela hore e nkotle ka oona. Le hoja ke ne ke utloa bohloko bo otlang pelo, ke ne ke thabile hore ebe ke khona ho bo mamella.
Lefapha la Mautloela le ile la nkhutlisetsa setsing sa ngoliso, moo liofisiri tsa teng li ileng tsa hlokomoloha seo ke se lumelang, tsa tsitlella ho mpha nomoro ea sesole, ’me tsa nkisa setsing sa koetliso sa sesole se sehlekehlekeng sa Cheju se haufi le naha ea Korea. Ka le hlahlamang ho ne ho lokiselitsoe hore batho ba neng ba bitselitsoe bosoleng, ho akarelletsa le ’na, ba nke likano tsa bosole. Ke ile ka hana. Ka lebaka leo, ke ile ka isoa lekhotleng la sesole ’me ka ahloleloa lilemo tse tharo teronkong.
Ba Likete ba Lula ba Tšepahala
Letsatsing leo nka beng ke ile sekolong sa ho koetlisetsoa boromuoa ka lona, ke ile ka bona sefofane se feta. E ne e le sefofane seo ho neng ho lokiselitsoe hore ke tsamaee ka sona. Ho e-na le ho sithabetsoa ke hore ha kea khona ho ea Gileade, ke ile ka ikutloa ke khotsofetse haholo ka hore ebe ke ntse ke tšepahala ho Jehova. Lipaki tse ling tsa Korea le tsona li ile tsa hana ho ea bosoleng. Ha e le hantle, lilemong tse latelang, Lipaki tse ling tse fetang 13 000 le tsona li ile tsa hana ho ea bosoleng. Nako eo li e qetileng kaofela ha tsona li le literonkong tsa Korea e feta lilemo tse 26 000.
Ka mor’a hore ke qete lilemo tse peli ho tse tharo tseo ke neng ke li ahloletsoe, ke ile ka leselloa molato ka 1955 kaha ke ne ke beha mohlala ’me ka lokolloa. Ke ile ka boela tšebeletsong ea nako e tletseng. Hamorao ka October 1956, ka abeloa ho ea sebeletsa liofising tsa Lipaki Tsa Jehova tse Korea Boroa. Ka 1958, ke ile ka boela ka memeloa ho ea Gileade. Ha ke qeta koetliso ea ka, ke ile ka abeloa ho khutlela Korea.
Nakoana ka mor’a hore ke khutlele Korea, ke ile ka kopana le Paki e ’ngoe e tšepahalang e bitsoang In-hyun Sung, ’me re ile ra nyalana ka May 1962. O ne a hōletse lelapeng la Mabuddha ’me ngoana eo a neng a kena le eena ka tlelaseng o ne a mo hlaloselitse ka Lipaki. Ka lilemo tse tharo ha re qeta ho nyalana, beke le beke re ne re etela liphutheho tse sa tšoaneng Korea, ka sepheo sa ho li matlafatsa moeeng. Ho tloha ka 1965, re sebelelitse ofising ea lekala ea Lipaki, eo hona joale e leng sebakeng se ka bang lik’hilomithara tse 60 ho tloha Seoul.
Ha ke Nahana ka Liphetoho Tse Bileng Teng
Ha ke nahana ka tsa nakong e fetileng, ke hlolloa ke kamoo lintho li fetohileng kateng naheng ena. Korea Boroa e ile ea sala e le lithako ka mor’a ntoa ea bobeli ea lefatše le ka mor’a hore e loane le Korea Leboea. Metse e ne e senyehile le litsela. Motlakase le tsamaiso ea mocheso li ne li sebetsa ka linako tse ling. ’Me moruo o ne o putlame. Lilemong tse 50 ka mor’a moo, Korea Boroa e ntlafetse ka tsela e hlollang.
Kajeno Korea Boroa ke naha ea bo11 e ruileng ka ho fetisisa lefatšeng. E tsebahala ka metse ea teng ea sejoale-joale, literene tse lebelo le ka ho etsa thepa ea elektronike le likoloi. Hona joale Korea Boroa ke naha ea bohlano lefatšeng e hlahisang likoloi tse ngata ka ho fetisisa. Empa ntho e nkhahlang le ho feta ke khatelo-pele eo ba boholong Korea Boroa ba e entseng tabeng ea ho hlompha litokelo tsa botho tsa baahi ba Korea Boroa.
Ha ke ne ke isoa lekhotleng la bosole ka 1953, ba boholong ’musong oa Korea ba ne ba sa utloisise hore na ke hobane’ng ha batho ba ka hana ho ea bosoleng ka mabaka a letsoalo kapa a bolumeli. Ba bang ba rōna re ile ra qosoa ka hore re Makomonisi, ’me Lipaki tse ling tse ’maloa li ile tsa khakhathoa ho fihlela li e-shoa. Ba bangata ba neng ba ile ba isoa teronkong hobane ba hana ho ea bosoleng ka mabaka a letsoalo kapa a bolumeli ha e sa le bahlankana, ba bone ha bara ba bona esita le litloholo ba isoa teronkong ka mabaka a tšoanang.
Lilemong tse sa tsoa feta, mecha ea phatlalatso e behile Lipaki Tsa Jehova ka botleng ha e tlaleha hore li hana ho ea bosoleng linaheng tsohle ka lebaka la bolumeli. ’Muelli e mong oa molao ea neng a chochisa nyeoe ha ho ne ho qosoa Paki e hanang ho ea bosoleng ka lebaka la bolumeli, o ile a ba a e ngolla lengolo le ileng la phatlalatsoa makasineng e tsebahalang, a kōpa tšoarelo ka seo.
Ke tšepa hore tokelo ea rōna ea ho hana ho ea bosoleng ka mabaka a letsoalo kapa a bolumeli e tla hlomphuoa Korea Boroa joalokaha e hlomphuoa linaheng tse ling tse ngata. Ke rapella hore ba boholong Korea Boroa ba amohele batho ba sa batleng ho ea bosoleng ka mabaka a letsoalo kapa a bolumeli joaloka ’na ’me ba khaotse ho isa teronkong bacha bao letsoalo la bona le ba hanelang ho ea bosoleng, “e le hore re ka tsoela pele re phela bophelo bo khutsitseng le bo thōtseng.”—1 Timothea 2:1, 2.
Kaha re bahlanka ba Jehova, Molimo oa rōna, re ananela monyetla oa ho tšehetsa tokelo ea hae ea ho ba ’Musi oa rōna. (Liketso 5:29) Re labalabela ka pelo eohle hore re mo thabise pelo kahobane re tšepahala ho eena. (Liproverbia 27:11) Ke thabela hore ebe ke e mong oa batho ba limilione ba khethileng ho ‘tšepa Jehova ka lipelo tsa rōna tsohle ’me re sa itšetlehe ka kutloisiso ea rōna.’—Liproverbia 3:5, 6.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]
“Re ile ra makatsoa ke hore ho e-na le hore li re tšoare, li ile tsa thahasella molaetsa oa Bibele”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]
Lipaki tsa Korea li qetile lilemo tse 26 000 li le literonkong ka lebaka la ho hana ho ea bosoleng
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Ke teronkong ea sesole, ka 1953
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Re etela liphutheho le Don Steele nakong ea ntoa, ka 1952
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Pele re chata, ka 1961
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ke ne ke tolokela molebeli ea tsamaeang, ka 1956
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
’Na le In-hyun Sung kajeno