U Tla Araba Joang?
Ke Eng e Fosahetseng Setšoantšong See?
Bala Matheu 25:1-12. Joale sheba setšoantšo sena. Ke lintlha life tse sa nepahalang ho sona? Ngola likarabo meleng ena e ka tlaase.
1. ․․․․․
2. ․․․․․
3. ․․․․․
4. ․․․․․
SE KA TŠOHLOANG:
Ke hobane’ng ha baroetsana ba bahlano ba sa ka ba fana ka oli ea bona?
NTLHA E THUSANG: Bala Matheu 25:8, 9.
Ke neng ho loketseng hore re fe ba bang seo re nang le sona? Ke neng ho ke keng ha e-ba molemo hore re fane ka seo re nang le sona?
Tse Hlahang Makasineng Ena
Araba lipotso tsena, u be u fane ka temana kapa litemana tsa Bibele tse sa tlatsoang.
LEQEPHE 6 Lefatše le se tletseng ho lona, ke la mang? Pesaleme ea 24:․․․
LEQEPHE 9 Ke’ng eo mang kapa mang ea nyoriloeng a ka e fumanang? Tšenolo 22:․․․
LEQEPHE 18 Motho ea nang le temoho ke ea joang? Liproverbia 17:․․․
LEQEPHE 29 Booatla ba motho bo ka etsa’ng? Liproverbia 19:․․․
Bana Batlang Litšoantšo
Na u ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosa ka mantsoe a hao se etsahalang setšoantšong ka seng.
U Tseba’ng ka Baprofeta?
5. ․․․․․
Ke moprofeta ofe ea ileng a baleha Morena Jojakime?
NTLHA E THUSANG: Bala Jeremia 26:17-23.
6. ․․․․․
Ha Ezekiase e ne e le morena, ke mang ea ileng a profeta hore Jerusalema e ne e tla ba ‘qubu ea lithako’?
NTLHA E THUSANG: Bala Jeremia 26:18.
SE KA TŠOHLOANG:
Ke hobane’ng ha u sa lokela ho tšaba ho bua ka Molimo, ka mor’a hore u bale ka baprofeta baa ba babeli?
NTLHA E THUSANG: Bala Liproverbia 29:25.
◼ Likarabo li leqepheng la 21
LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 31
1. Tlaleho eo ha e bue ka monyaluoa.
2. Ho ile ha kena baroetsana ba bahlano moketeng.
3. Baroetsana ba bahlano ba ne ba e-na le mabone le lipitsana, athe ba bang ba bahlano ba ne ba e-na le mabone feela.
4. Ho ka be ho e-na le monyako oo monyali a o koalang.
5. Uria..—Jeremia 26:20.
6. Mikea.