‘Buka e Molemo ka ho Fetisisa e Buang ka Malumeli a Lefatše’
◼ Tichere e ’ngoe ea sekolo se phahameng, Canada, e ne e thatafalloa ho ruta bana ka malumeli a teng sebakeng seo e lulang ho sona. Ka mor’a hore e bale buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo, e ile ea re: “Buka ena ke e molemo ka ho fetisisa e hlalosang malumeli a lefatše eo nkileng ka e bala!” E ne e khahliloe ke buka eo hoo e ileng ea kōpa boto ea sekolo hore e e lumelle ho e sebelisa ka tlelaseng, ’me boto e ile ea lumela.
Tichere eo e ne e ikemiselitse ho tsamaea lik’hilomithara tse 500 ho ea lata libuka tse 40 ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova, Canada. Leha ho le joalo, Lipaki tsa moo e lulang teng li ile tsa ithaopela ho e tlisetsa tsona. Liithuti tse ’maloa ka tlelaseng eo li ile tsa thabela buka eo hoo li ileng tsa ikōpela eona.
Le uena u ka ’na ua hlokomela hore buka ena e tla u thusa ho utloisisa lintho tseo batho ba phelang sebakeng sa heno ba li lumelang. E hlalosa qalo, histori le lithuto tsa malumeli a maholo a lefatše—a akhang Bohindu, Bobuddha, Botao, Boconfucius, Boshinto, Bojuda, Boislamo le Bokreste.
U ka kōpa buka ena e maqephe a 384 e nang le litšoantšo tse mebala-bala ea Moloko oa Batho o Batla Molimo ka hore u tlatse setlankane sena se ka tlaase ebe u se romela atereseng e bontšitsoeng kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa le ntlisetse buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.