Bacha Baa Botsa
Na re Lokela ho Arohana?
“Ka mor’a hore re ratane ka likhoeli tse tharo, ka bobeli re ne re utloa eka lintho li tsamaea hantle. Re ne re bua ka hore re tla lula ’moho bophelo bohle ba rōna joalokaha eka re kholisehile hore ho tla ba joalo.”—Jessica.a
“Ke ne ke nkehile maikutlo haholo ke eena eaba ka mor’a lilemo tse seng kae, o qala ho nkela hloko! Ke ne ke rata ho ba le mohlankana ea moholo ho ’na, ea neng a tla ntlhokomela.”—Carol.
Qetellong, Jessica le Carol ba ile ba arohana le bahlankana ba bona. Hobane’ng? Na e ne e le lithoto hore ebe ba arohane le bahlankana ba batle hakaalo?
LE SE le qetile hoo e ka bang selemo le intša. Qalong u ne u kholisehile hore u tla qeta bophelo bohle ba hao le “motho eo.”b Ka linako tse ling u ka ba ua nahana ka maikutlo a lerato ao u neng u e-na le ’ona ha le ne le qala ho intša. Empa joale u se u e-na le lipelaelo. Na u lokela ho iphapanyetsa lipelaelo tseo? U ka tseba joang haeba le lokela ho arohana?
Taba ea pele, u lokela ho tobana le ’nete ena e sa thabiseng: Ho hlokomoloha matšoao a bontšang hore ho na le bothata kamanong ea lōna ho tšoana le ho iphapanyetsa matšoao a lemosang a deshboteng ea koloi. Bothata boo bo ke ke ba fela; ho teng feela ke hore bo ka ’na ba mpefala. Ke matšoao afe a mang a bontšang hore ho na le bothata kamanong ea lōna ao u sa lokelang ho a hlokomoloha?
Lintho li etsahala kapele. Ho ka hlaha mathata ha lintho li etsahala kapele haholo kamanong ea lōna. Carol o re: “Re ne re ngollana ka e-mail, re buisana ka Inthanete re bile re founelana. Ho buisana ka tsela eo ho ka ba le tšusumetso e matla ho feta ha le bua le shebane mahlong hobane ka potlako feela ho ka etsa hore le lokolohe ho feta tekano!” Ipheng nako ea ho tsebana. Kamano ea lōna ha ea lokela ho ba joaloka lehola le melang kapele ebe lea pona. Ho e-na le hoo, e lokela ho tšoana le semela sa bohlokoa se nkang nako hore se hōle.
O ntšoaea-tšoaea liphoso ebile oa ’nyenyefatsa. Ngoanana ea bitsoang Ana, o re: “Kamehla mohlankana oa ka o ne a ’nyenyefatsa, empa ke ne ke mo rata haholo.” O boetse o re: “Ke ile ka mamella lintho tseo ke neng ke sa lore le ho lora hore nka li mamella!” Bibele e nyatsa “puo e nyefolang.” (Baefese 4:31) Mantsoe a nyenyefatsang motho e mong ha aa lokela kamanong ea batho ba ratanang, esita le haeba motho a bua a khobile matšoafo kapa a buela fatše.—Liproverbia 12:18.
Ke sefela-peloana. Liproverbia 17:27 e re: “Motho ea nang le temoho o na le moea o khutsitseng.” Erin o ile a hlokomela hore mohlankana oa hae o na le bothata tabeng ena. O re: “Ha re ne re sa lumellane ka lintho tse itseng, o ne a ntšutumetsa, ’me ka linako tse ling ke ba le matetetso.” Bibele e bolella Bakreste, e re: “Lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo . . . li ke li tlosoe tsohle ho lōna.” (Baefese 4:31) Motho ea sa khoneng ho ithiba, ha a e-s’o lokele ho intša.—2 Timothea 3:1, 3, 5.
Ha a batle hore batho ba tsebe ka kamano ea rōna. Angela o re: “Mohlankana oa ka o ne a sa batle hore batho ba bang ba tsebe hore rea intša. O ile a ba a halefa ha a utloa hore Ntate oa tseba hore rea intša!” Ke ’nete hore ho ka ’na ha e-ba le mabaka a utloahalang a ka etsang hore mohlankana le moroetsana ba patele ba bang hore baa intša. Empa ho etsa taba eo lekunutu—e leng ho leka ho e patela batho ba nang le tokelo ea ho tseba ka eona—ho bontša hore bothata bo teng.
Ha a ikemisetsa ho nyala. Har’a Bakreste, ho intša ho na le morero o hlomphehang—e leng oa ho thusa mohlankana le moroetsana ho bona hore na ba ka nyalana. Ho hlakile hore sena ha se bolele hore ha le qala ho intša feela u se u lokela ho etsa litokisetso tsa lenyalo. Ha e le hantle, batho ba bangata ha ba qetelle ba nyalane le motho eo ba qalileng ho intša le eena. Ka nako e tšoanang motho ha a lokela ho intša haeba a e-s’o lokele ho jara boikarabelo ba lenyalo.
Re lula re arohana ebe rea boelana. Liproverbia 17:17 e re: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle.” Sena ha se bolele hore le tla lumellana kamehla. Empa haeba le lula le arohana ’me hamorao le boelana, seo se bontša hore ho na le bothata bo itseng bo tebileng bo lokelang ho lokisoa, joalokaha Ana a ile a hlokomela. O re: “Nako le nako ha ke ne ke arohana le mohlankana oa ka, pelo ea ka e ne e e-ba bohloko haholo! Ke ile ka lulela ho lokisa kamano eo nka beng ke itsoeletse hantle ka bophelo ntle le eona.”
O nqobella hore ke robale le eena. “Haeba ua nthata, u tla lumela.” “Kamano ea rōna ha ea lokela ho ema ’nģa e le ’ngoe.” “Hase hore ehlile re kopanela liphate.” Ana ke maqiti ao bashanyana ba ’nileng ba a sebelisa ho qobella banana hore ba robale le bona. Jakobo 3:17 e re: “Bohlale bo tsoang holimo pele ho tsohle bo hloekile.” Mohlankana oa hao o lokela ho hloeka boitšoarong ’me a hlomphe meeli ea boitšoaro bo hloekileng eo u ipehetseng eona mabapi le ho kopanela liphate. U se ke ua checha tabeng eo!
Ba bang ba ntemositse ka eena. Bibele e re: “Ea sa rateng likeletso merero ea hae ea nyōpa, ea eletsoang ke ba bangata eena oa atleha.” (Liproverbia 15:22, Bibele—Phetolelo e Ncha) Jessica o re: “Ha ua lokela ho hlokomoloha seo ba lelapa le metsoalle ba u bolellang sona, feela joalokaha u sa lokela ho hlokomoloha lintho tse u tšoenyang ka motho eo. Ha u hlokomoloha seo ba bang ba se buang, u ithatafalletsa lintho le ho feta.”
Lintlha tsena tse ka holimo ke a mang a matšoao a seng makae a bontšang hore bothata bo teng kamanong ea lōna.c Haeba u na le mohlankana, o joang ha ho tluoa lintlheng tsee tse tšohliloeng ka holimo? Ka tlaase mona, ngola lintho tseo e ka ’nang eaba lia u tšoenya.
․․․․․
Kamoo U ka Arohanang le Eena
A re re mohlomong u etsa qeto ea hore ho molemo hore le arohane. U tla etsa seo joang? Ho na le litsela tse ngata tsa ho etsa seo, empa hopola lintlha tse latelang.
E-ba sebete. Ngoanana e mong ea bitsoang Trina o re: “Ke ne ke itšetlehile ka mohlankana oa ka hoo ke neng ke tšaba ho arohana le eena.” Ho hlokahala hore u be sebete ha u lokela ho khaotsa kamano ea lōna. Empa ho ikemela ho molemo. (Liproverbia 22:3) Ho u thusa hore u ipehele meeli e tiileng mabapi le seo u tla se mamella le seo u ke keng ua se mamella kamanong ea lōna, le hamorao ha le se le nyalane.
E-ba ea nahanelang. Haeba e ne e le uena ea bolelloang hore kamano e felile, u ne u tla batla ho bolelloa joang? (Matheu 7:12) Ka sebele, ha ua lokela ho romela mohlankana oa hao molaetsa o mokhutšoanyane ka e-mail, ka founo, kapa u o siee founong, o reng “Ho felile!”
Khetha sebaka le boemo bo loketseng. Na le lokela ho bua le shebane mahlong kapa ka founo? Na u lokela ho mo ngolla lengolo kapa le lokela ho buisana? Ho itšetlehile ka maemo. Ha ua lokela ho kopana le eena sebakeng seo u ka bang kotsing, ebile e ke ke ea e-ba bohlale hore le be sebakeng se thōko le bang, moo le ka tleloang ke litakatso tse fosahetseng.—1 Bathesalonika 4:3.
Bua ’nete. Mo bolelle ka botšepehi hore na ke hobane’ng ha u nahana hore kamano ea lōna e ke ke ea tsoela pele. Haeba u nahana hore mohlankana oa hao ha a u tšoare ka tsela e loketseng, mo bolelle. Mo bolelle tsela eo u ikutloang ka eona. Ka mohlala, ho e-na le hore u re: “Nako ena kaofela uena u ntheola seriti,” u ka re, “Ke ikutloa ke theoha seriti ha u . . . ”
Ikemisetse ho mamela le uena. Na ho na le ntho e itseng eo u sa e utloisisang ka boemo boo? U se ke ua mo lumella hore a u qhekelle ka mantsoe a bohlale, empa ka nako e tšoanang, e-ba ea nahanelang ’me u hlahlobe lintlha tsohle. Ka bohlale, Bibele e eletsa Bakreste hore ‘ba potlakele ho utloa, ba liehe ho bua.’—Jakobo 1:19.
Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a sehloohong sena a fetotsoe.
b Le hoja sehlooho sena se beha litaba ho nahannoe ka ngoanana, melao-motheo e ho sona e sebetsa ho ngoanana le ho moshanyana.
c Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng sheba Tsoha! ea May 2007, leqepheng la 18-20.
SEO U KA NAHANANG KA SONA
◼ Ka tlaase mona, ngola litšobotsi tseo u nkang hore motho eo u ka intšang le eena o lokela ho ba le tsona. ․․․․․
◼ Ke litšobotsi life tseo u nkang hore ha aa lokela ho ba le tsona? ․․․․․
[Lebokose le leqepheng la 20]
MOTHO EO U KHETHANG HO INTŠA LE EENA O LOKELA . . .
□ ho lumela seo u se lumelang litabeng tse bolumeli.—1 Bakorinthe 7:39.
□ ho hlompha meeli ea boitšoaro eo u ipehetseng eona.—1 Bakorinthe 6:18.
□ ho u nahanela ’me a nahanele le ba bang.—Bafilipi 2:4.
□ ho ba le botumo bo botle.—Bafilipi 2:20
[Lebokose le leqepheng la 20]
E-BA HLOKOLOSI HAEBA MOHLANKANA OA HAO . . . .
□ a lula a batla hore lintho li etsoe ka tsela eo a e batlang.
□ kamehla a etsa hore u ikutloe u le molato, u le sethoto kapa u se motho oa bohlokoa.
□ a leka ho u thibela hore u be le metsoalle ea hao kapa ba lelapa leno.
□ a batla hore kamehla a tsebe moo u leng teng.
□ a u qosa ka hore u rata ho bonya le bahlankana ba bang empa a se na bopaki ba seo.
□ a u etsetsa litšoso kapa a u qobella hore u khethe.
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Ho hlokomoloha matšoao a bontšang hore ho na le bothata kamanong, ho tšoana le ho iphapanyetsa matšoao a lemosang a deshboteng ea koloi
SHEBA OLI