Phitsa e Ratoa Haholo
KA MONGOLI OA TSOHA! ITALY
HO BOLELOA hore Morena Ferdinand I (1751–1825) o ile a ikhakanya, a iketsa motho ea tloaelehileng feela eaba ka sekhukhu o ea motseng o futsanehileng oa Naples. Ke hobane’ng ha a ne a ea ka sekhukhu? Pale e ’ngoe e bolela hore o ne a batla ho ja sejo seo mofumahali a neng a se thibetse ntlong ea borena—e leng phitsa.
Haeba Ferdinand a ne a phela kajeno, o ne a tla iphumanela phitsa habonolo. Hajoale Italy ho na le libaka tse ka bang 30 000 tse rekisang phitsa, ’me selemo le selemo li etsa liphitsa tse lekaneng hore moahi a le mong a je tse 45!
E Qalile e le Sejo sa Boemo bo Tlaase
Ho ka etsahala hore ebe phitsa e qalile ho etsoa Naples hoo e ka bang ka 1720. Mehleng eo, phitsa e ne e le sejo sa mafutsana, se apehoa ka nako e khutšoanyane ebe aa se reka ’me a se jella ka ntle. Barekisi ba ne ba tsamaea literateng ba hoelelitse, ba bapatsa sejo seo sa bona se hlabosang. Hore liphitsa li lule li futhumetse, li ne li kenngoa ka har’a sekotlolo sa koporo se bitsoang scudo, seo morekisi a neng a se roala hloohong.
Qetellong, Morena Ferdinand I o ile a tsebisa ba boreneng hore o rata phitsa. Ka mor’a nakoana, sejo sena se hlabosang se rekisoang seterateng se ile sa ratoa hoo barui ba hlaheletseng ka mahetla le ba boreneng ba ileng ba qala ho phallela libakeng tseo ho rekisoang phitsa ho tsona. Ka 1832, setloholo sa Ferdinand, e leng Morena Ferdinand II o ile a ba a haha onto e beseletsoang ka patsi, lirapeng tsa Paleise ea Capodimonte. Ka tsela eo, o ne a ka thabisa baeti ba hae ba barui.
Na ke Sejo se Matlafatsang?
Kajeno bacha ba rata phitsa haholo, empa batho ba lokela ho ba hlokolosi. Hore phitsa e talingoe e le e matlafatsang e lokela hore e etsoe ka metsoako e nang le phepo e ntle, e kopantseng lik’habohaedreite, liprotheine le mafura ka ho leka-lekana, eo hape e nang le livithamine, liminerale le li-amino acid tse ngata. Ho khothalletsoa hore ho sebelisoe oli ea mohloaare ha ho etsoa phitsa. Oli ena e thusa ’mele hore o hlahise HDL, e leng “k’holeseterole e molemo e thusang hore methapo ea pelo e hloeke.”
Ho feta moo, ha phitsa e phehiloe hantle, hase hangata e ka tšoarisang motho mala. Lebaka la sena ke hore lik’habohaedreite tse phofong li kopana le metsi a mangata nakong eo ho lujoang hlama le ha ho ntse ho emetsoe hore e bele. Ka nako e tšoanang, lik’habohaedreite li etsa hore motho a ikutloe a khotše, e leng seo hangata se thusang batho ba e ratang hore ba se ke ba e ja haholo.
Nakong e tlang ha u itatsoa ka phitsa, hopola kamoo e qalileng e le sejo sa boemo bo tlaase kateng. ’Me u thabe hore ebe Morena Ferdinand I ha aa ka a pata hore o rata phitsa.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 27]
◼ Phitsa e monate haholo ke e phehetsoeng ka ontong e beseletsoang ka patsi. Mosi oa patsi o tsoang ha e ntse e phehiloe, o etsa hore e nkhe hamonate, athe molora o seng mokae o ka tlas’a eona o etsa hore e latsoehe hamonate.
◼ Ka 1990, ho ile ha etsoa phitsa e khōlō ka ho fetisisa lefatšeng e chitja. E ne e le bophara ba limithara tse fetang 37 ’me e le boima bo fetang lik’hilograma tse 12 000!
◼ Mokhoa oa khale oa ho akhela phitsa holimo hase feela taba ea ho etsa mponeng. Ho e akhela holimo joalo ho etsa hore e be sepapetloa ’me e be morumo ka mahlakoreng—e leng ho etsang kaletsa e ntle bakeng sa phitsa!
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 26]