Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/09 leq. 3
  • Polanete e Nang le Bophelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Polanete e Nang le Bophelo
  • Tsoha!—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Polanete e Nang le Bophelo
    Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe?
  • Na Batho ba Tla Senya Lefatše ka ho Feletseng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Bophelo bo Rarahaneng
    Tsoha!—2001
  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Ile a Bōpa Lefatše?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 2/09 leq. 3

Polanete e Nang le Bophelo

LEFATŠENG ho na le boieane ba lintho tse phelang—mohlomong tse limilione-milione. Tse ngata tsa lintho tsena li phela mobung, moeeng le metsing ’me li nyenyane hoo motho a ke keng a li bona ka mahlo. Ka mohlala, ho fumanoe hore grameng e le ’ngoe feela ea mobu ho na le mefuta e ka bang 10 000 ea libaktheria, ho se ho sa thoe letho ka mefuta e meng ea likokoana tse sa bonahaleng! Mefuta e meng ea tsona e fumanoe sebakeng se ka tlas’a lefatše botebong ba lik’hilomithara tse tharo!

Sepakapakeng le teng ho na le lintho tse ngata tse phelang—hase linonyana, bo-’mankhane, le likokoanyana feela. Ho itšetlehile ka hore na ke nakong efe ea selemo, ho boetse ho ba le peō e ngata e phofshoana le lisele tse hlahisoang ke libaktheria hammoho le peō e ’ngoe ’me—libakeng tse ling—ho ba le mefuta e likete-kete ea likokoana tse sa bonahaleng. Makasine ea Scientific American e re: “Sena se etsa hore mefuta ea likokoana tse sa bonahaleng e moeeng e lekane le e mobung.”

Ho sa le joalo, lintho tse ngata tse ka maoatleng li ntse li sa tsejoe kaha hangata bo-rasaense ba lokela ho sebelisa theknoloji e bitsang haholo hore ba ithute lintho tse bolibeng ba maoatle. Esita le mepopotlong ea likorale, eo ho batlang ho le bonolo ho fihla ho eona le ho e hlahloba, e ka ’na eaba ho na le mefuta e limilione e sa tsejoeng ea lintho tse phelang.

Leha ho le joalo, seo re se tsebang ke hore ho na le lintho tse ngata haholo tse phelang Lefatšeng le hore ha e le hantle li fetola sebōpeho sa lik’hemik’hale tse lefatšeng, haholo-holo karolong eo li phelang ho eona. Ka mohlala, tlaleho ea Mokhatlo oa Sechaba o Hlokomelang Maoatle le Sepakapaka oa United States e re calcium carbonate e likhetleng le likoraleng e thusa ho hlapolla lik’hemik’hale tse metsing, “ka tsela e tšoanang le eo motsoako o ka maleng o hlapollang bolila ka eona.” Limela le bolele bo fumanehang haufi le bokaholimo ba matša le maoatle—li thusa ho laola carbon dioxide le oksijene tse metsing le moeeng. Libaktheria le li-fungus tse mobung li thusa ho hlahisa manyolo a matlafatsang limela. Ka sebele, lefatše le ’nile la bitsoa ka nepo hore ke polanete e nang le bophelo.

Leha ho le joalo, bophelo bo ne bo ke ke ba e-ba teng lefatšeng hoja ebe hase ka tlhophiso ea lona e phethahetseng likarolong tse ngata, tseo tse ling tsa tsona li ileng tsa qala ho utloisisoa ka botlalo lekholong la bo20 la lilemo. Tlhophiso eo e phethahetseng e akarelletsa lintlha tse latelang:

1. Moo lefatše le khoeli li leng teng sehlopheng sa linaleli sa Milky Way le setsing sa potoloho ea lipolanete, le tselana eo lefatše le tsamaeang ho eona, le kamoo le sekamang kateng le lebelo leo le potolohang ka lona

2. Tikoloho eo matla a lefatše a khoheli a fihlang ho eona le sepakapaka, tseo ka bobeli li sireletsang lefatše

3. Metsi a fumanehang ka bongata

4. Lipotoloho tsa tlhaho tse tsosolosang bophelo le tse hloekisang tikoloho

Ha u ntse u nahana ka lintlha tsena lihloohong tse latelang, ipotse: ‘Na litšobotsi tsee tsa lefatše li bile teng ka tšohanyetso kapa li entsoe ka bohlale? Haeba li entsoe ka bohlale, morero oa ’Mōpi e ne e le ofe ha a etsa lefatše?’ Sehlooho se qetellang letotong lena se tla tšohla potso ena.

[Lebokose le leqepheng la 3]

“RE KE KE RA KENYA MOLIMO LITABENG TSA SAENSE”

Ho sa tsotellehe bopaki bo teng ba hore ho ke ke ha etsahala hore ebe lefatše le bile teng ka tšohanyetso, ho latela kamoo le hlophisitsoeng hantle kateng, bo-rasaense ba bangata ha ba batle ho lumela hore ’Mōpi o teng. Richard C. Lewontin, ea lumelang hore lintho li iphetotse, o re hase hore ka tsela e itseng saense e qobella ba latolang boteng ba Molimo hore ba “lumele tlhaloso ea hore bokahohle bo bonahalang le lintho tse phelang li bile teng ka botsona ntle ho ’mōpi.” Ho e-na le hoo, o re ke hobane bo-rasaense “ba itlamme . . . ho lumela hore lintho tse teng ke tse bonahalang feela,” ’me ba ikemiselitse ho qapa “likhopolo tse hlalosang hore na lintho li bile teng joang.” Ha a buella bo-rasaense ka kakaretso, o phaella ka ho re: “Ha re cheche ho seo, kahoo re ke ke ra kenya Molimo litabeng tsa saense.”

Na ke ho utloahalang ho tsitlella maikutlong a joalo, haholo-holo ha ho e-na le bopaki bo matla bo bontšang hore ’Mōpi o teng? U nahana’ng ka see?—Baroma 1:20.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela