Ho Letsa Mololi Tsela e Bohlale ea ho “Bua”
KA MONGOLI OA TSOHA! MEXICO
◼ Batho ba Mamazatec ba lulang lithabeng tsa Oaxaca, Mexico ha ba na lithelefono, liselefouno kapa lintho leha e le life tsa puisano. Ka mohlala, ba khona ho buisana ba arohane ka lik’hilomithara tse peli kapa ho feta ha ba ntse ba sebetsa masimong a kofi a maralleng. Ba khona ho etsa seo joang? Khale koana, Mamazatec a ile a qapa tsela ea ho buisana ka mololi. Mohlankana e mong oa Lemazatec ea bitsoang Pedro, o re: “Moelelo oa mantsoe puong ea Semazateco o itšetlehile ka molumo. Kahoo ha re letsa mololi, re etsisa molumo oa mantsoe le morethetho oa puo. Ha re letsa mololi re sebelisa molomo feela, ha re sebelise menoana.”a
Ha Fidencio, e leng motsoalle oa Pedro a hlalosa melemo ea ho buisana ka mololi, o re: “Re buisana ka tsela ena ha e mong a le hōle haholo le e mong ’me re atisa ho buisana ka eona ha re fetisa melaetsa e mekhutšoanyane. Ka mohlala, mohlomong ntate o romme mora lebenkeleng hore a il’o reka bohobe empa o lebetse ho mo bolella hore a tle le tamati. Haeba mora a le hōle hoo a ke keng a utloa ha a hoeletsoa, ntate a ka ’na a mo fa litaelo ka mololi.”
Ka linako tse ling, Lipaki Tsa Jehova le tsona li buisana ka mololi. Pedro oa hlalosa: “Ha ke ea tšimong e hōle ’me ke batla hore mor’eso a tsamaee le ’na, ha ho hlokahale hore ke ee ha hae. Ke mo letsetsa mololi feela.”
Pedro o re: “E le hore re tsebe hore na ke mang ea ‘buang,’ motho ka mong o na le tsela e ikhethang eo a letsang mololi ka eona. Ka tloaelo, ke banna ba Mamazatec feela ba buisanang ka mololi. Mosali a ka ’na a utloisisa puo eo a ba a e sebelisa ha a le lapeng, empa a ke ke a buisana ka eona le monna leha e le ofe. Seo se nkoa se sa lokela.”
Hase Mamazatec feela a buisanang ka mololi; ho ’nile ha fumanoa batho ba buisanang ka mololi Chaena, Lihlekehlekeng Tsa Canary le Papua New Guinea. Hangata, ke batho ba lulang lithabeng le merung e teteaneng ba buisanang ka tsela ena. Ha e le hantle, e ka ’na eaba ho na le lipuo tse buoang ka mololi tse fetang 70, ’me ho entsoe liphuputso ka tse ka bang 12.
Ka sebele, re tsota tsela e bohlale eo batho ba khonang ho qapa lintho ka eona. Ha u nahana kamoo batho ba nang le bokhoni kateng ba bileng ba nang le takatso e matla ea ho buisana, seo se bontša hore re sitisoa feela ke lintho tseo re li nahanang—’me ho bonahala eka lintho tseo re li nahanang ha li fele!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Buka e ’ngoe ea lipatlisiso e re: “Ka ho feto-fetola lebelo la mololi, molumo le botebo ba oona, Mamazatec a khona ho fapanyetsana likhopolo tse ngata.”