Kamoo U ka Bang Motsoalle oa Molimo Kateng
◼ Ke seo bukana e maqephe a 32 e reng U ka ba Motsoalle oa Molimo! e re rutang sona. Lithuto tsa eona tse ipiletsang li akarelletsa e reng “Molimo o U Mema Hore U be Motsoalle oa Hae” le e reng “Molimo ke Motsoalle ea Molemo ka ho Fetisisa eo U ka Bang le Eena.” Bukana ena e etselitsoe hore e thuse ’mali hore a tsebe lithuto tsa motheo tsa Bibele.
Thutong e reng “Metsoalle ea Molimo e Tla Phela Paradeiseng,” bukana ena e hlalosa ka ho hlaka hore na morero oa Molimo ke ofe ka lefatše lena la rōna. Leha ho le joalo, e le hore re thabele Paradeise eo Bibele e e tšepisang, re lokela ho ithuta hore na Molimo o batla hore re mo sebeletse joang. Lithuto tse kang e reng “Tsela ea ho Fumana Bolumeli ba ’Nete” le e reng “Hana Bolumeli ba Bohata!” li tla u thusa hore u be motsoalle oa Molimo le ho thabela melemo ea hae. Re kholisehile hore u tla fumana ho thabisa ho bala bukana ena.
U ka kōpa buka ena ka ho tlatsa setlankane sena ’me u se romele atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa hore le ntlisetse bukana ea U ka ba Motsoalle oa Molimo!
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.