Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/09 maq. 12-13
  • Na Bokamoso ba Hao bo Reriloe Esale Pele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bokamoso ba Hao bo Reriloe Esale Pele?
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na o Tseba Tsohle Esale Pele Kapa oa Khetha?
  • Khetho ke ea Hao
  • U ka ‘Khetha Bophelo’ Joang?
  • Jehova o Bolela “Qetello ho Tloha Tšimolohong”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Bokamoso ba Hao e Tla ba Bofe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Khetho ke ea Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2018
  • Na ho Rereloa Qetello Esale Pele ho ka Lumellangoa le Lerato la Molimo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 2/09 maq. 12-13

Pono ea Bibele

Na Bokamoso ba Hao bo Reriloe Esale Pele?

Batho ba bangata ba lumela hore bophelo ba bona le bokamoso ba bona bo reriloe esale pele ke matla a phahameng. Ba nahana hore ho tloha ha re emoloa ho fihlela ha re e-shoa, kaofela ha rōna re latela tsela e reriloeng esale pele eo Molimo a seng a ntse a e ngotse monahanong oa hae. Ba re, ‘Kahobane Molimo ke ea matla ’ohle le ea nang le tsebo eohle, e tlameha ebe o tseba lintho tsohle tse etsahetseng nakong e fetileng, tse etsahalang hona joale le tse tla etsahala.’

U NAHANA’NG ka see? Na Molimo o re khethela esale pele tsela eo re tla phela ka eona le hore na re tla etsahalloa ke’ng qetellong? Ka mantsoe a mang, na bolokolohi ba ho ikhethela ke taba ea sebele kapa ke ntho feela e inahaneloang? Bibele e re’ng ka see?

Na o Tseba Tsohle Esale Pele Kapa oa Khetha?

Bibele e re bolella ka ho hlaka hore Molimo o tseba lintho esale pele. Esaia 46:10 e re o tseba “qetello ho tloha tšimolohong.” Ebile o sebelisitse batho hore ba ngole boprofeta bo bongata. (2 Petrose 1:21) Ho feta moo, boprofeta boo boa phethahala kaha Molimo o bohlale ebile o na le matla a ho bo phethahatsa kahohle. Kahoo, hase feela hore Molimo a ka tseba lintho esale pele, empa a ka boetse a rera qetello ea liketsahalo tse itseng esale pele haeba a khetha ho etsa joalo. Empa na Molimo o rerela motho e mong le e mong qetello esale pele kapa le hore na ke ba bakae ba tla bolokeha? Bibele ha e lumellane le seo.

Bibele e ruta hore Molimo o khetha lintho tseo a li rerang esale pele. Ka mohlala, Molimo o boletse esale pele hore “bongata bo boholo” ba batho ba lokileng bo tla pholoha timetso ea ba babe qetellong ea tsamaiso ena ea lintho. (Tšenolo 7:9, 14) Leha ho le joalo, hlokomela hore Molimo ha aa fana ka palo e tobileng ea bongata boo bo boholo. Hobane’ng? Hobane ha a rerele batho ka bomong bokamoso esale pele. Molimo o joaloka ntate ea lerato ea nang le lelapa le leholo. Oa tseba hore bonyane ba bang ba bana ba Hae ba tla mo bontša lerato leo a ba bontšang lona, empa ha a rere esale pele hore na e tla ba ba bakae.

Bapisa tsela eo Molimo a sebelisang bokhoni ba ho rera lintho esale pele ka eona le eo a sebelisang matla a hae ka eona. Kaha Molimo o Matla ’Ohle, o na le matla a feletseng. (Pesaleme ea 91:1; Esaia 40:26, 28) Empa na o sebelisa matla a hae ka tsela e sa laoleheng? Che. Ka mohlala, o ile a khetha ho se loantše Bababylona, bao e neng e le lira tsa Baiseraele ba boholo-holo, ho fihlela ka nako e loketseng. Molimo o ile a re: “Ke ’nile ka sebelisa boitšoaro.” (Esaia 42:14) Sena se sebetsa le tabeng ea ho tseba ha hae lintho esale pele le ho li rera esale pele. Jehova oa ithiba e le hore a hlomphe bolokolohi ba ho ikhethela boo a re fileng bona.

Hore ebe Molimo o laola matla a hae ha ho mo behele meeli kapa ho mo etsa ea sa phethahalang. Ha e le hantle, ho tlotlisa boholo ba hae ’me ho etsa hore re mo rate, kaha ho bontša hore ha a buse feela hobane a tseba lintho tsohle a bile a le matla empa o boetse o busa ka tsela e bontšang hore o rata libōpuoa tsa hae tse bohlale ’me o hlompha bolokolohi ba tsona ba ho ikhethela.

Ka lehlakoreng le leng, haeba Molimo o rera lintho tsohle esale pele, ho akarelletsa le likotsi tsohle tse tšabehang le lintho tsohle tse mpe tse etsahalang, na re tla be re fositse ha re mo beha molato ka masisa-pelo le mahlomola ’ohle a teng lefatšeng? Kahoo, ha re hlahlobisisa thuto ena ea hore Molimo o rerela batho bokamoso esale pele hoa hlaka hore ha e mo tlotlise, empa ea mo hlompholla. E mo hlahisa e le Molimo ea khopo, ea leeme le ea hlokang lerato—e leng se fapaneng ka ho feletseng le seo Bibele e se buang ka eena.—Deuteronoma 32:4.

Khetho ke ea Hao

A sebelisa mohlanka oa hae Moshe, Molimo o ile a re ho sechaba sa Iseraele: “Ke behile bophelo le lefu ka pel’a lōna, . . . le khethe bophelo . . . ka hore le rate Jehova Molimo oa lōna, le mamele lentsoe la hae ’me le mo khomarele; etsoe ke eena bophelo ba lōna le bolelele ba matsatsi a lōna.” (Deuteronoma 30:19, 20) Haeba Molimo a ne a reretse Moiseraele ka mong esale pele hore a mo rate ’me a phele kapa a se ke a mo hlompha ’me a shoe, mantsoe ao a Hae a ne a sa tl’o bolela letho ebile e ne e tla be e le a boikaketsi. Na u nahana hore Molimo, ‘ea ratang toka’ le eo e leng mothofatso oa lerato, o ne a ka etsa lintho ka tsela e hatellang joalo?—Pesaleme ea 37:28; 1 Johanne 4:8.

Boipiletso ba Molimo ba hore bahlanka ba hae ba khethe bophelo bo sebetsa haholoanyane ho rōna kajeno, etsoe ho phethahala ha boprofeta ba Bibele ho bontša hore re atamela ka potlako qetello ea tsamaiso ena ea lintho. (Matheu 24:3-9; 2 Timothea 3:1-5) Re khetha bophelo joang? Ka tsela e tšoanang le eo Baiseraele ba boholo-holo ba ileng ba bo khetha ka eona.

U ka ‘Khetha Bophelo’ Joang?

Re khetha bophelo ka hore re “rate Jehova,” re “mamele lentsoe la hae” le ka hore re “mo khomarele.” Ho hlakile hore re ka etsa lintho tsena hafeela re tseba Molimo e le motho ’me re utloisisa hore na ke eng seo a se hlokang ho rōna. Ha Jesu Kreste a ne a rapela Molimo, o ile a re: “Bophelo bo sa feleng, ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna; Johanne 17:3, Bibele ea Sesotho.

Tsebo eo ea bohlokoa e ka fumaneha ka Bibeleng e Halalelang, eo ka nepo e bitsoang Lentsoe la Molimo. (Johanne 17:17; 2 Timothea 3:16) Ka sebele, mpho ena e tsoang ho Molimo ke bopaki bo hlakileng ba hore ha aa re rerela bokamoso esale pele empa o batla hore re ikhethele ntho eo re e tsebang re itšetlehile ka boitsebiso boo a faneng ka bona.—Esaia 48:17, 18.

Ha e le hantle, ka Bibele Molimo o re ho rōna: ‘Sena ke seo ke se rerileng ka batho le lefatše, ’me seo lōna le lokelang ho se etsa ke sena e le hore le fumane bophelo bo sa feleng. Ke lōna ba tla ikhethela hore na le tla ’mamela kapa ha le na ho ’mamela.’ Ka sebele, tsela eo Molimo a sebelisang matla a hae a ho rera lintho esale pele e tsamaisana ka ho feletseng le hore o hlompha bolokolohi ba rōna ba ho ikhethela! Na u tla khetha bophelo ka hore u “mamele lentsoe la [Molimo] ’me u mo khomarele”?

NA U KILE UA IPOTSA?

◼ Molimo o sebelisa matla a hae a ho tseba lintho esale pele ho fihla bohōleng bofe?—Deuteronoma 30:19, 20; Esaia 46:10.

◼ Ke hobane’ng ha Molimo a ke ke a rera lintho tsohle esale pele, ho akarelletsa le lintho tse mpe tse hlahelang batho?—Deuteronoma 32:4.

◼ Qetellong ke’ng e tla rera bokamoso ba rōna?—Johanne 17:3.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]

Bibele e ruta hore Molimo o khetha lintho tseo a li rerang esale pele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela