Bana Baa e Rata Buka Ena!
◼ Bana bohle ba rata buka ena ea Ithute ho Mosuoe e Moholo. Ngoanana e mong o ile a ngola, a re: “Buka ena e na le lintho tse ngata tseo ke li ratileng. Ka mohlala, ke ratile litšoantšo tsohle tse ho eona. Mebala ea tsona e hlakileng e hohela ’mali. Ha ke bala buka eo, ke ile ka ipha nako ea ho hlahlobisisa litšoantšo tsa eona e le hore ke bone kamoo li nyalanang kateng le taba eo ho buuoang ka eona!
“Ntho e ’ngoe eo ke e ratileng ka buka ena ke mantsoe a eona. A utloisiseha habonolo ’me a etsa hore motho a thabele ho e bala.
“Ha ke bala buka ena, ke ile ka hlolloa ke tsela eo e tšohlang a mang a mathata a kajeno le kamoo re ka a qobang kateng. Ke ratile haholo khaolo e reng, ‘Re Lokela ho Hanela Liteko,’ ‘Thuto ea ho ba Mosa’ le e reng ‘Na U Batla ho ba oa Pele Kamehla?’”
U ka kōpa buka ena e maqephe a 256 e nang le litšoantšo tse ntle, eo maqephe a eona a lekanang le a makasine ena ka boholo. Tlatsa setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa le ntlisetse buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.