Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/09 leq. 32
  • “Le Lule le Lebetse!”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Le Lule le Lebetse!”
  • Tsoha!—2009
Tsoha!—2009
g 6/09 leq. 32

“Le Lule le Lebetse!”

Kopano ea Setereke ea Lipaki Tsa Jehova

◼ Likopano tsena tsa matsatsi a mararo tse likete, tse tlang ho tšoaroa lefatšeng lohle likhoeling tse latelang, li tla qala Afrika Boroa ho elella bofelong ba 2009. Afrika Boroa, mananeo a tla qala ka 9:00 hoseng letsatsi ka leng, ka ’mino oa selelekela. Sehlooho sa Labohlano, se thehiloeng ho Matheu 24:44, se re “Le Itokise.” Puo ea molula-setulo e tla lateloa ke e reng, “Likopano li re Thusa Hore re Lule re Lebetse” le e reng, “Jehova—Molimo oa ‘Linako le Mehla.’” Joale puo ea neheletsano e reng “Le Etsise ba Tšepahalang ba Ileng ba Lula ba Lebetse” e tla tšohla kamoo Noe, Moshe le Jeremia ba ileng ba lula ba lebetse kateng. Lenaneo la hoseng le tla phethoa ka puo ea sehlooho e reng, “Kamoo Jehova a re Thusang ho ‘Lula re Lebetse.’”

Puo ea pele ka Labohlano thapama e re, “Likarabo Tsa Lipotso Tse Amanang le ‘Matsatsi a ho Qetela,’” ’me e tla lateloa ke e reng, “‘Ha le Tsebe Letsatsi Kapa Eona Hora’—Hobane’ng?” le e reng, “Tsebang Hore Bofelo bo Haufi.” Joale ho tla latela neheletsano ea lipuo tse tšeletseng ea sehlooho se reng, “‘Lulang le Falimehile’ Joaloka Malapa a Bakreste!” Lipuo tse tharo tse qalang li tla tobisoa ho banna, basali le bacha. Tse tharo tsa ho qetela li tla ba le sehlooho se reng, “Bolokang Mahlo a Lōna a Talimile ’Nģa e le ’Ngoe,” “Tsoelang Pele le Hahamalla Lipakane Tsa Moea,” le se reng, “Lulang le Tšoara Borapeli ba Lelapa ba Mantsiboea.” Lenaneo la thapama le tla phetha ka sehlooho se reng, “Litemana Tse re Susumelletsang ‘ho Lula re Lebetse ka Tieo.’”

Sehlooho sa Moqebelo se thehiloeng ho 1 Petrose 5:8, se re “Lulang le Hlaphohetsoe Likelellong, le Lebele.” Neheletsano e nang le lipuo tse hlano, e reng, “Thusang Batho Hore ba Tsohe Borokong,” e tla akarelletsa lihlooho tse reng, “Ke Hobane’ng ha Tšebeletso ea Rōna e le ea Bohlokoa Hakaale?,” “E-bang Seli ha le le Tšebeletsong,” “Amehang ka ho Ntlafatsa Tsebo ea Lōna,” “Le se ke la Lebala Beng ka Lōna!,” le se reng, “Lulang le Hopola Hore Metsotso e Jele Babeli!” Ka mor’a puo e reng, “Etsisang Mohlala oa Jesu oa ho Lebela” le e reng, “Le Falimehe Mabapi le Lithapelo,” lenaneo le tla phetha ka puo ea kolobetso, ’me ka mor’a eona ba tšoanelehang ba tla ba le monyetla oa ho kolobetsoa.

Moqebelo thapama ho tla ba le neheletsano e nang le sehlooho se reng, “Hlokomela Maraba a Satane!” ’me e tla ba le lipuo tse hlano tse reng, “Mollo,” “Sekoti,” “Sefi,” “Leraba le Bipetsang” le “Leraba le Silakanyang.” Ho tla latela tšoantšiso e reng, “Nke ke ka Tlosa Botšepehi ba ka ho ’na ho Fihlela ke Shoa!” Lenaneo la letsatsing leo le tla qetella ka puo e reng “Le se ke la Talima ‘Lintho Tse ka Morao’” le e reng “Ithuteng ho Lebela ho Baapostola ba Jesu.”

Sehlooho sa Sontaha, se thehiloeng ho Habakuke 2:3, se re “U Lule U e Lebeletse . . . E ke ke ea Siuoa ke Nako.” Ka mor’a puo e tšohlang sehlooho sa letsatsi, neheletsano e nang le sehlooho se reng “Le Behe Mahlo a Lōna Linthong Tse sa Bonoeng” e tla ba le lipuo tse latelang: “Linaka Tse Leshome . . . li Tla Hloea Seotsoa,” “Lichaba li Tla Lokela ho Tseba Jehova,” “‘Mebuso Ena Kaofela’ e Tla Silakanngoa,” “Diabolose o Tla Tlangoa ka Lilemo Tse Sekete,” “Ba Tla Haha Matlo ’me ba Leme Lirapa Tsa Morara,” “Phiri le Konyana li Tla Fula Hammoho,” “Molimo . . . o Tla Hlakola Meokho Eohle,” “Bohle ba Mabitleng a Khopotso ba Tla . . . Tsoa,” le e reng “Molimo e Tla ba ‘Lintho Tsohle ho e Mong le e Mong.’” Puo ea phatlalatsa e nang le sehlooho se reng, “U ka Pholoha Bofelo ba Lefatše Joang?,” e tla phetha lenaneo la hoseng.

Puo e ikhethang ka Sontaha thapama e tla ba tšoantšiso e amang maikutlo ea mehleng ea kajeno e nang le sehlooho se reng, “Mor’eno o ne a Shoele Eaba oa Phela,” e thehiloeng papisong ea Jesu ea mora ea lehlasoa. Ka mor’a kakaretso ea Thuto ea Molula-Qhooa ea beke le beke, kopano e tla phethoa ka puo e reng, “Lulang le Lebeletse Letsatsi la Jehova!”

Lokisetsa esale joale hore u be teng kopanong ena. Hore u fumane hore na e tla tšoareloa hokae haufi le moo u lulang teng, e-ea Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova kapa u ngolle bahatisi ba makasine ena. Libakeng tse ling ho tla tšoaroa likopano tsa machaba tsa matsatsi a mane.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela