Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/09 maq. 16-18
  • Plovdiv—Ke Motse oa Sejoale-Joale, Empa Hase Kajeno o le Teng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Plovdiv—Ke Motse oa Sejoale-Joale, Empa Hase Kajeno o le Teng
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Motse o Motle ho Feta Eohle’
  • “Litaba Tse Molemo” li Fihla Plovdiv
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2009
  • Letšolo le Khethehileng Lea Atleha Bulgaria
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Tokoloho ea Bolumeli Bulgaria
    Tsoha!—1992
  • Kaho ea Liholo Tsa ’Muso Linaheng Tse Ling Tsa Europe
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 6/09 maq. 16-18

Plovdiv​—Ke Motse oa Sejoale-Joale, Empa Hase Kajeno o le Teng

KA MONGOLI OA TSOHA! BULGARIA

PLOVDIV ke motse oa khale ho feta Roma, Carthage, kapa Constantinople. Motseng ona o lutseng marallaneng a supileng a ka boroa-bohareng ho Bulgaria, ho lula batho ba ka bang 350 000.

Ha u tsamaea literateng tsa motse oo oa khale, u tla bona bopaki bo bongata ba hore e ne e le motse o motle oo ho oona ho neng ho etsahala lintho tse ngata tse thabisang le tse ferekanyang. Ho na le mehaho e hahiloeng ke Mathrace, e leng morabe o neng o tšajoa o phetseng lilemo tse makholo pele ho Mehla e Tloaelehileng, hammoho le litšiea tsa mehaho ea Bagerike, mabala a liketsahalo a Baroma le liemahale tsa Maturkey.

‘Motse o Motle ho Feta Eohle’

Seo baepolli ba lintho tsa khale ba se sibolotseng motseng oo le libakeng tse haufi le oona se bontša hore o bile le baahi nako e telele pele ho 1000 B.C.E. Rahistori oa Moroma ea bitsoang Ammianus Marcellinus o ile a ngola hore pele ho lekholo la bone la lilemo B.C.E., ho ne ho e-na le motse o sirelelitsoeng oa Mathrace o neng o bitsoa Eumolpias, sebakeng seo kajeno e leng Plovdiv. Ka 342 B.C.E., ntate oa Alexandere e Moholo, e leng Philip II oa Macedonia, o ile a hapa motse oa Eumolpias. Philip o ile a o reha Philippopolis.

Ha Baroma ba hapa motse oo ka 46 C.E., ba ile ba o bitsa Trimontium ’me ba o etsa motse-moholo oa Thrace. Baroma ba ne ba batla ho laola motse ona hobane o ne o akaretsa Via Diagonalis, e leng tsela e neng e kopanya linaha tsa Balkan. Baroma ba ile ba boela ba haha lebala la lipapali le la liketsahalo (le bontšitsoeng ka holimo), libaka tse ngata tsa boikhathollo le mehaho e meng e mengata.

Lucian oa Samosata o hlalosa botle ba tlhaho ba motse ona o lutseng ka har’a maralla a mararo, o pel’a Lithaba Tsa Rhodope. (Sheba lebokose le reng, “Motse o Nang le Maralla a Supileng,” leqepheng la 18.) O haufi le Nōka ea Maritsa, ’me o na le thota e nammeng e nonneng ea Thrace. Lucian o ile a ngola hore Trimontium e ne e le “motse o moholo le o motle ho feta metse eohle!”

Ha puso ea Roma e felloa ke matla, nakong e neng e bitsoa Mehla ea Lefifi, Maslav a ne a lula sebakeng seo. Makholo a seng makae a lilemo ka mor’a moo, masole a bolumeli a ile a hapa motse ka makhetlo a mane. Joale lekholong la bo14 la lilemo, ho ile ha e-ba le phetoho lipolotiking ha motse oo o laoloa ke Maturkey. A ile a reha motse oo Philibé ’me a o laola ho fihlela ka 1878. Motseng oo, ho ntse ho e-na le mohaho oa borapeli oa Mamosleme Jumaia, o nang le seemahale le sesupa-nako, tseo e leng likhopotso tsa nako eo.

Ha Marussia a hlōla Maturkey ka 1878, a ile a fetola lebitso la motse oa Philibé ’me a o reha Plovdiv. Motse oo o ile oa ntlafala moruong ka 1892 ha ho ne ho tšoareloa lipontšo tsa khoebo ho oona. Ho tloha ka nako eo, Plovdiv e ile ea e-ba setsi se seholo sa khoebo Bulgaria. Nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše, Manazi a ile a laola motse oo ka nakoana ho fihlela ka 1944 ha Masoviet a a leleka. Joale ka 1989, Plovdiv e ile ea tsoa liatleng tsa ’muso o mong o matla ha puso ea Soviet Union e putlama. E ka ’na eaba babusi ba bang ba nakong e fetileng ba Plovdiv ba ne ba e-na le boikemisetso bo botle; empa ba ne ba sitisoa ke ho se phethahale ha puso ea motho.

“Litaba Tse Molemo” li Fihla Plovdiv

Khale koana ka 1938, ho ile ha thehoa mokhatlo oa moo o bitsoang Nabludatelna Kula (Tora ea Tebelo) ’me oa ngolisoa ka molao. O ne o hatisa Libibele le lingoliloeng tsa Bibele o bile o li aba Bulgaria.

Le hoja ’muso oa Makomonisi o ne o hatella Lipaki Tsa Jehova, li ile tsa tsoela pele li bolella baahi ba Plovdiv litaba tse molemo tsa ’muso o tlang, o phethahetseng oa leholimo. (Matheu 24:14) Ba seng bakae ba ile ba amohela molaetsa. Hona joale, ba ka holimo ho 200, Plovdiv, ba tsoela pele ba sebeletsa Jehova ka mafolofolo, ’me ba kopanela liphuthehong tse peli tsa Lipaki Tsa Jehova.

Boholo ba Lipaki tsena ke Mabulgaria. Empa ho boetse ho na le batho ba merabe e meng e mengata, e le bopaki bo bontšang hore motse ona o ’nile oa busoa ke babusi ba linaha tse ngata. Ba bang ke Maamerika, Mabrithani, Macanada, Mamoldova, Mapolishe le Mataliana. Kaofela ha bona, ba bolella baahelani ba bona ka tebello e babatsehang ea ho ba tlas’a puso e phethahetseng. Ka nako eo, hase baahi ba Plovdiv feela ba tla phela ba sireletsehile empa ke batho bohle lefatšeng, ’me “e mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele.”—Mikea 4:4.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 18]

“MOTSE O NANG LE MARALLA A SUPILENG”

Motho ea etelang Plovdiv kajeno a ka ’na a thatafalloa ho bona hore na maralla a supileng a motse oo o tummeng, kapa li-tepe e leng tsela eo a bitsoang ka eona, a hokae. Lilemong tse lekholo tse fetileng, leralla le leng le bitsoang Markovo Tepe, le ile la heletsoa ha ho atolosoa motse oo. Ho setse maralla a tšeletseng a fanang ka bopaki ba Plovdiv ea boholo-holo.

A mararo moeti a ka a bona habonolo: Bunardjik Tepe, Djendem Tepe le Sahat Tepe, e rehiloeng lebitso lena ke Maturkey ka lebaka la tora e nang le sesupa-nako e ahiloeng leralleng lena. Trimontium, e leng kamoo Baroma ba bitsang Plovdiv kateng, e-na le maralla a mang a mararo: Djambaz Tepe, e leng leralla le leholo ka ho fetisisa le bileng le phahameng ka fetisisa; Taksim Tepe; le Nebet Tepe, leo ka Seturkey le bolelang “Leralla la Molebeli.”

Ha motho a itsamaela feela Trimontium o bona lithako tsa motse oa boholo-holo oa Plovdiv, mabota a Philippopolis le lebala la liketsahalo la Roma le ntseng le sebelisoa le kajeno. Ntho e ’ngoe e thahasellisang ke matlo a ntseng a hlokometsoe hantle a mehleng ea Tsosoloso ea Bochaba Bulgaria a hahiloeng literateng tse moqotetsane tse katiloeng ka majoana a chitja.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Caro/Andreas Bastian

[’Mapa o leqepheng la 16]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

BULGARIA

SOFIA

Plovdiv

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 17]

Top: © Wojtek Buss/age fotostock; bottom: David Ewing/Insadco Photography/age fotostock

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela