Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/09 leq. 32
  • ‘Lae eo e Leng Jehova Feela ea ka e Bulang’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Lae eo e Leng Jehova Feela ea ka e Bulang’
  • Tsoha!—2009
Tsoha!—2009
g 8/09 leq. 32

‘Lae eo e Leng Jehova Feela ea ka e Bulang’

◼ Ka 2007, Erika ea lilemo li tšeletseng le Mattia ea lilemo li ’nè ba ile ba hlokahalloa ke ntate oa bona. Leha ho le joalo, tšepo ea tsoho e ’nile ea ba kokobetsa bohloko.—Liketso 24:15.

Erika o rata ho bua le ba bang ka tšepo eo a nang le eona e thehiloeng Bibeleng, haholo-holo ha a le sekolong, Sicily. Ka mohlala, ha motsoalle e mong oa hae ea bitsoang Beatrice a re ntate oa Erika o se a le leholimong, ka mosa o ile a mo bolella hore Bibele e ruta se fapaneng le seo. Beatrice o ile a mo botsa, a re: “Joale o hokae?”

Erika o ile a re: “O lebitleng.” Ka nako eo, Beatrice o ile a thahasella ho tseba hore na lebitla ke eng.

Ha Erika a mo hlalosetsa o ile a re: “Le tšoana le lae e bulehang le e koalehang. Empa hang ha lae ena e koaleha, u ke ke ua khona ho e bula. Ke Jehova feela ea ka e bulang ha lefatše le lecha le fihla.”

Erika o ile a tsoela pele ho hlalosetsa motsoalle oa hae hore Jehova ke lebitso la Molimo le hore o tla tlisa paradeise lefatšeng, ha ho sa tla hlola ho e-ba le maloetse ’me bafu ba tla tsoha. Eaba Erika o re Beatrice a kōpe ’mè oa hae hore na a ka mo fa buka e tšohlang lintlha tsena.

Ha ’mè oa Beatrice a se a lumetse, Erika o ile a mo fa buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo. Erika o ntse a buisana le ba bang ka lintho tseo a ithutang tsona ka Bibeleng ’me o se a bile a file le tichere ea hae buka ena e boletsoeng ka holimo.

Ke ’nete hore ka linako tse ling, Erika le khaitselinyana ea hae ba ntse ba ikutloa ba saretsoe ke ho shoeloa ke ntate oa bona. Empa ba tšelisoa ke tšepo ea tsoho. Bana bana, joaloka batho ba bang ba bangata lefatšeng ka bophara, ba leboha Jehova, Molimo ea fanang ka matšeliso a sebele.—Matheu 21:16; 2 Bakorinthe 1:3, 4.

U ka kōpa buka ena e maqephe a 256 e nang le litšoantšo tse ntle, eo maqephe a eona a lekanang le a makasine ena ka boholo. Tlatsa setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa le ntlisetse buka e bontšitsoeng mona.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela