Mohato oa 2: Ikemisetseng ho Phetha Likano
“Seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.”—Matheu 19:6.
Se boleloang ke sena. Banyalani ba atlehang ba talima lenyalo e le kamano e sa khaotseng. Ha mathata a hlaha, ba leka ho a rarolla ho e-na le ho nka seo e le lebaka la hore ba khaole lenyalo. Ha balekane ba ikemiselitse ho phetha likano tsa bona tsa lenyalo, ba ikutloa ba sireletsehile. Molekane ka mong o tšepa hore e mong o tla tsoela pele ho hlompha likano tsa lenyalo.
Ke hobane’ng ha e le habohlokoa? Ka litsela tse ngata, likano tsa lenyalo ke mokokotlo oa maqhama a lenyalo. Empa ka mor’a hore banyalani ba qabane khafetsa, ba ka ’na ba khaotsa ho tšepana ’me ba ikutloa ba tšoasehile. Ha e le hantle, kano eo banyalani ba ikanneng ka eona ea hore “ho fihlela lefu le re arohanya” e se e ba mokhoka-khoale—oo ba lakatsang eka ba ka fumana litsela tsa ho o nyahlatsa. Ba ka ’na ba se ke ba lahla lelapa ka ho toba, empa ba ka ’na ba le “siea” ka litsela tse ling—ka mohlala ba ka ’na ba ikhethela ho ithōlela ha ho hlokahala hore ba buisane ka lintho tse tebileng.
Ak’u leke sena ho itlhahloba. Araba lipotso tse latelang e le hore u bone hore na u nka likano tsa hao e le tsa bohlokoa hakae.
◼ Ha re qabana le molekane oa ka, na ke ikoahlaela hore na ke hobane’ng ha ke ile ka nyalana le eena?
◼ Na hangata ke nahana ka motho e mong ea itseng ho fapana le molekane oa ka?
◼ Na ka linako tse ling ke ee ke re ho molekane oa ka, “Ke tla itsamaela ke u siee” kapa “Ke tla batla motho ea tla nkananela”?
Ikemisetse. Nahana ka ntho e le ’ngoe kapa tse peli tseo u ka li etsang e le hore u matlafatse boikemisetso ba hao ba ho phetha likano. (Litlhahiso: Ka linako tse ling, ngolla molekane oa hao lengolo, beha lifoto tsa hae moo u sebeletsang teng, kapa u mo founele letsatsi ka leng ha u le mosebetsing, e le hore feela le lule le buisana.)
Ke hobane’ng ha u sa nahane ka lintho tse ling tse ’maloa tseo u ka li etsang ’me u botse molekane oa hao hore na ke efe eo a ka e thabelang?
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Ho ikemisetsa ho phetha likano tsa lenyalo ho tšoana le mekoallo e ka thōko ho tsela, ho thibela lenyalo hore le se ke la qhalana
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Corbis/age fotostock