Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/09 leq. 32
  • Seo U se Hlokang se ka Bibeleng!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seo U se Hlokang se ka Bibeleng!
  • Tsoha!—2009
Tsoha!—2009
g 11/09 leq. 32

Seo U se Hlokang se ka Bibeleng!

◼ Banyalani ba bang ba buang Sefora, bao e leng Lipaki Tsa Jehova ba ile ba kena mohahong o mong oa lifolete motseng oa Ajaccio, o sehlekehlekeng sa Corsica, Leoatleng la Mediterranean. Ba ile ba thola enfelopo e sa ngoloang lebitso kapa aterese, e tšetseng lieuro tse 400. Ha mosali a hlalosa seo ba ileng ba se etsa, o re: “Re ile ra maneha lematjaneng la litsebiso le phasejeng hore motho ea lahlehetsoeng ke enfelopo a re founele.”

Ka le hlahlamang mantsiboea, mosali e mong o ile a ba founela. Ka mor’a hore a ba fe bopaki ba hore ke eena ea lahlehetsoeng ke chelete, o ile a lokisetsa hore a kopane le bona. A hloletsoe hore ho na le motho ea neng a ka mo tholisa chelete, mosali eo o ile a fihla a tšoere lipalesa. Enfelopo eo a neng a e lahlile e ne e tšetse moputso oa hae, ’me ka le hlahlamang o ne a ea phomolong khoeli kaofela.

Ha a ntse a le phomolong o ile a romela banyalani bao karete, a boetse a ba leboha ka mosa oa bona. Ha mosali eo a khutla phomolong, o ile a eteloa ke Lipaki tse peli tse ileng tsa mo bolella kamoo Bibele e thusang kateng bophelong ba lelapa le ba letsatsi le letsatsi, e leng seo a neng a se thahasella.

Banyalani bao ba ile ba sebelisa monyetla oo ho mo bontša lintlha tse seng kae, khaolong e reng “Kamoo U ka Etsang Hore Bophelo ba Lelapa la Hao e be bo Thabileng,” bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Mosali eo o ile a hlolloa ’me a re: “Athe ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e hlokang e teng ka Bibeleng!” O ile a lumela ho khanneloa thuto ea Bibele e sa lefelloeng.

Buka ea Seo Bibele e se Rutang ha e bue feela ka bophelo ba lelapa empa e boetse e ruta ’nete ka Molimo le Jesu Kreste le hore na bafu ba hokae, ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse mahlomola le lintho tse ling tse ngata tseo batho ba amehileng ka tsona. U ka kōpa buka ena ka ho tlatsa setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa le ntlisetse buka e bontšitsoeng mona.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela