Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/10 leq. 32
  • Na U Batla ho ba Motsoalle oa Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Batla ho ba Motsoalle oa Molimo?
  • Tsoha!—2010
Tsoha!—2010
g 1/10 leq. 32

Na U Batla ho ba Motsoalle oa Molimo?

● U ka araba potso e ka holimo joang? Moroetsana e mong ea lulang sebakeng se ka thōko profinseng ea Guerrero, Mexico, o ile a re o nahana hore seo se ke ke sa etsahala. Baroetsana ba bang ba babeli ba Lipaki Tsa Jehova ba ne ba mo bontša bukana ea U ka ba Motsoalle oa Molimo! ka puo ea hae. O ne a hloletsoe ke hore ea fumaneha le ka Setlapanec, kaha o ne a kile a bona lingoliloeng tsa ’muso e le tsona feela tse ngotsoeng ka puo eo.

Baroetsana bao ba babeli ba ile ba mo hlalosetsa hore bukana eo ke bopaki ba hore ’Mōpi oa mo rata, kaha e ka mo thusa hore a mo tsebe. O ile a qala ho bala ka thahasello khaolo ea pele e nang le sehlooho se reng, “Molimo o U Mema Hore U be Motsoalle oa Hae.” Ha a qeta ho e bala, o ile a re: “Ke batla ho ba motsoalle oa Molimo. Na le ka ntlela le Bibele?” Ha baroetsana bao ba Lipaki ba mo isetsa Bibele, ’mè oa moroetsana eo o ile a ba kōpa hore ba lule ’me ba ba rute lintho tse eketsehileng.

Setlapanec ke e ’ngoe ea lipuo tse 17 tse buuoang ke Maindia a Mexico, tseo bukana ea U ka ba Motsoalle oa Molimo! e hatisitsoeng ka tsona. Lefatšeng ka bophara e fumaneha ka lipuo tse 278 (ho akarelletsa le Braille). Haeba u ka rata ho ba le bukana ena, u ka e kōpa ka hore u tlatse setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa le ntlisetse bukana e bontšitsoeng mona.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela