“Ke Hloka Matšeliso a Hao”
● Ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Mexico, e ile ea fumana lengolo le tsoang ho mosali e mong ea sebetsang sekolong se fanang ka tlhokomelo e khethehileng ho bana ba holofetseng le ba kulang kelellong. Le ne le re: “Ka la 9 May, ’mè oa ka eo ke mo ratang o ile a hlokahala. Ke sitoa ho hlalosa kamoo ke lahlehetsoeng kateng. Likhoeli tse seng kae pele a hlokahala, ke ne ke ile ka etsa lipatlisiso tsa mosebetsi, mabapi le kamoo lefu le amang batho kateng le kamoo ba ka tobanang le lona ka katleho kateng. Ke ne ke nahana hore le ’na seo se tla nthusa, empa ha se ea ka sa nthusa.”
Joale, ka le leng ha a ikutloa a saretsoe, o ile a rapela Molimo a re: “Ke hloka matšeliso a hao.” O re: “Bosiung boo, ke ile ka bala bukana ea Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. E ne eka e ngoletsoe ’na. E bontša hore ho lla ho lokile. Sehloohong se reng ‘Nka Phela le ho Sareloa ha ka Joang?’ e re: ‘U se ke ua khella fatše bohlokoa ba thapelo. . . . Thuso eo Molimo a fanang ka eona e etsa phapang. . . . Ke ’nete, thuso ea bomolimo ha e tlose bohloko, empa e ka etsa hore ho be bonolo ho bo mamella. Hoo ha ho bolele hore ha u sa tla hlola u lla kapa hore u tla lebala moratuoa oa hao. Empa u ka hlaphoheloa.’ Mantsoe ana ke ’nete.”
Haeba u hlokahalletsoe ke motho eo u mo ratang ’me u hloka matšeliso, ho bala bukana ena e maqephe a 32 ea Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa ho ka ’na ha u tšelisa kapa ha tšelisa motho e mong eo u mo tsebang.
U ka kōpa bukana ena ka ho tlatsa setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa le ntlisetse bukana e bontšitsoeng mona.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.