Se ka Tšohloang ke Lelapa
Ke Eng e Fosahetseng Setšoantšong See?
Balang Exoda 12:1-8, 17-20, 24-27; Mareka 14:12, 22-26; Johanne 13:1, 21-30. Joale shebang setšoantšo sena sa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena. Ke lintlha life tse sa nepahalang ho sona? Ngolang likarabo meleng e ka tlaase.
1. ․․․․․
2. ․․․․․
3. ․․․․․
SE KA TŠOHLOANG:
Ke hobane’ng ha Jesu a ile a sebelisa bohobe bo sa lomosoang ho tšoantšetsa ’mele oa hae?
NTLHA E THUSANG: Balang 1 Bakorinthe 5:6-8; Baheberu 4:14, 15.
LE TSEBA’NG KA MORENA SOLOMONE?
4. ’Mè oa Solomone e ne e le mang?
NTLHA E THUSANG: Balang 2 Samuele 12:24.
․․․․․
5. Davida le ’mè oa Solomone ba ile ba e-ba le bara ba bang ba bakae?
NTLHA E THUSANG: Balang 2 Samuele 11:26, 27; 1 Likronike 3:5.
․․․․․
SE KA TŠOHLOANG:
Ke hobane’ng ha Solomone a ne a le bohlale hakaale?
NTLHA E THUSANG: Balang 1 Marena 3:5-14.
U ka etsa’ng hore u be bohlale?
BANA BATLANG LITŠOANTŠO
Na le ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosang ka mantsoe a lōna se etsahalang setšoantšong ka seng.
TSE HLAHANG MAKASINENG ENA
Arabang lipotso tsena, le be le fane ka temana kapa litemana tsa Bibele tse sa tlatsoang.
LEQEPHE 19 Ho nahanisisa lintho boinotšing ho bontša eng? Liproverbia 1:․․․
LEQEPHE 19 Jesu o ile a eletsa barutuoa ba hae hore ba rapele ba le hokae? Matheu 6:․․․
LEQEPHE 28 “Lingoliloeng tse halalelang” li ka etsa’ng? 2 Timothea 3:․․․
LEQEPHE 29 “Matšeliso a tsoang Mangolong” a ka re fa eng? Baroma 15:․․․
● Likarabo li leqepheng la 14
Likarabo Bakeng Sa Leqephe La 31
1. Ho lokela hore ebe ho na le baapostola ba 11 feela, eseng ba 12.
2. Bohobe e lokela ho ba bo sa lomosoang ’me kahoo bo batalle, bo se ke ba kokomoha.
3. Nama e ne e le ea konyana, eseng ea kolobe.
4. Bathe-sheba.
5. Davida le Bathe-sheba ba ile ba e-ba le bara ba bang ba bane ntle ho Solomone.