Jesu o Shoetse ba Bangata
Jesu Kreste o ile a bolella balateli ba hae hore ha aa tla lefatšeng ‘ho tla sebeletsoa, empa ho tla sebeletsa le ho fana ka moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.’ (Matheu 20:28) O ile a ithaopela ho shoa molemong oa ba bang.
Jesu o fane ka thekollo joang ka lefu la hae? Ke hobane’ng ha see se ne se hlokahala? Jesu o shoetse bo-mang? Hona lefu la hae le bolela’ng ho uena?
Lipaki Tsa Jehova li u mema ka mofuthu hore u kopanele le tsona ha li hlahloba likarabo tsa lipotso tsena ka Bibeleng. Selemong sena, sehopotso sa lefu la Jesu se tla ba ka Labobeli la la 30 March, ka mor’a hore letsatsi le likele. Ketsahalong eo, lipotso tse botsitsoeng ka holimo li tla arajoa ka Mangolo.
U ka ea Holong ea ’Muso e haufi le moo u lulang teng. Ka kōpo botsa Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa heno hore na se tla tšoaroa ka nako efe le hore na se tla tšoareloa hokae.