Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/10 leq. 9
  • Iphe Nako ea Lintho Tsa Bohlokoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Iphe Nako ea Lintho Tsa Bohlokoa
  • Tsoha!—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamehla ho na le ho Hongata Hoo le ka ho Etsang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • “E-eang ’me le Etse Batho ba Lichaba Tsohle Barutuoa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li Bolela ka Ntlo le Ntlo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • ‘Evangeli e Lokela ho Boleloa Pele’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 4/10 leq. 9

Iphe Nako ea Lintho Tsa Bohlokoa

“Nako e setseng e fokotsehile.”—1 Bakorinthe 7:29.

BUKENG ea hae e bitsoang Working Smart, Michael LeBoeuf o re: “Ho qhoma-qhoma ka metsing le ho a qaphatsa ha ho bolele hore ua sesa.”

Ka mantsoe a mang, ho na le phapang pakeng tsa ha motho a phathahane ka ntho e itseng le ha a hlile a finyella ntho e itseng ea bohlokoa. Ak’u nahane ka beke e fetileng. U ile ua ipha nako ea ho etsa’ng? U ne u phathahane ka eng? Na u bona ho hlokahala hore u iphe nako e eketsehileng ea ho etsa lintho tsa bohlokoa?

Nahana ka seo Jesu a ileng a se bolela esale pele ka mehla ea rōna e potlakileng. O ile a re ha tsamaiso ena e ntse e atamela bofelong ba eona ’me lefatše le lecha la Molimo la ho loka le ntse le atamela, barutuoa ba hae ba ne ba tla ba maphathephathe. Ba etsa’ng? Ba bolella batho “litaba tsena tse molemo tsa ’muso [oa Molimo].” Jesu o ile a boela a re batho ba bangata ba tla phathahana hoo ba ke keng ba mamela. Ba ne ba tla be ba phathahane ka lintho tse tloaelehileng tsa bophelo. O ile a phaella ka ho re ba phathahaneng hoo ba sitoang ho mamela molaetsa oa ’Muso ba tla timetsoa.—Matheu 24:14, 37-39; Luka 17:28-30.

Kajeno, Lipaki Tsa Jehova li bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo linaheng tse fetang 230. Tumellanong le seo Jesu a se boletseng esale pele, ba bangata ha ba batle ho mamela, ba re “ba phathahane.” Empa re u mema hore le hoja u phathahane bophelong, u iphe nako ea ho hlahloba seo Bibele e se rutang ka ’Muso oa Molimo. Re tšepa hore ha u ntse u ithuta ka litlhohonolotsa tseo Molimo a li boloketseng moloko oa batho, u tla lumela hore ho utloa molaetsa oa Bibele le ho o sekehela tsebe ke ntho ea bohlokoa, eo u lokelang ho ipha nako ea eona.a

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Haeba u rata ho tseba ho ka eketsehileng, ikopanye le Lipaki Tsa Jehova tse sebakeng sa heno kapa u ngolle atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 kapa u ee mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela