“Pokello ea Boitsebiso ba Bohlokoa”
● Banyalani ba bang ba New Hampshire, U.S.A. ba ile ba ngola ba re: “Re lakatsa ho le leboha ho menahane ka lihlooho tse ngata tseo le li ngotseng bakeng sa rōna ba hōlisang bana. Re na le morali ea lilemo li ’nè ea bitsoang Sophia, ’me re utloa eka ho na le motho ea re tataisang ho re thusa ho hatisa linnete tsa bohlokoa pelong le kelellong ea hae, nakong ena eo a ithutang lintho tse ngata ka eona.”
Ha ba tsoela pele ba ile ba re: “Buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo ke pokello ea boitsebiso ba bohlokoa bo thusang morali oa rōna, ho kopanyelletsa le rōna. Litšoantšo tse khaolong ea ho qetela li tšoantšetsa Paradeise ka tsela e ntle ka ho fetisisa eo re kileng ra e bona! Moralinyana oa rōna o li sheba khafetsa, ’me seo se mo thusa hore a ithute litšepiso tsa Bibele.”
Khaolo ea ho qetela ea Ithute ho Mosuoe e Moholo, e nang le sehlooho se reng “U ka Phela Lefatšeng le Lecha la Molimo la Khotso,” e na le litšoantšo tse ntle tse bontšang litšepiso tsa Molimo tse ka Lentsoeng la hae, Bibele.
U ka kōpa buka ena e maqephe a 256, eo maqephe a eona a lekanang le a makasine ena ka boholo. Tlatsa setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa le ntlisetse buka e bontšitsoeng mona.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.
[Setšoantšo se leqepheng la 32]
Setšoantšo sena se leqepheng la 254 bukeng eo