Kotsi ea ho ba Libakeng Tse Phahameng—Ho Phekola Boloetse bo Bakoang ke ho Hloa Lithaba
“Naheng ea Peru ho na le mokoloko oa lithaba tse phahameng tse bitsoang Pariacaca . . . Ha ke hloella karolong e phahameng ka ho fetisisa mokolokong oo oa lithaba e bitsoang Litepisi, ke ile ka kula hang-hang hoo ke ileng ka nahana ho fasolla lithapo tse ntlammeng e le hore ke itihele fatše. . . . Ka mor’a moo ke ile ka nyokholoha ’me ka hlatsa hoo ke neng ke nahana hore ke tlil’o [shoa]. Hoja ebe ke ile ka tsoela pele, ke kholisehile hore nkabe ke shoele, empa boemo boo bo ile ba tšoarella lihora tse tharo kapa tse ’nè ho fihlela re theohetse bophahamong bo mamellehang.”—José de Acosta, ho tsoa bukeng ea Natural and Moral History of the Indies.
HO ELELLA qetellong ea lekholo la bo16 la lilemo, Mojesuite José de Acosta oa Spain o ile a hlaheloa ke boemo bo bohloko bo hlalositsoeng ka holimo ha a hloa Pariacaca e Lithabeng Tsa Andes tse Peru. Ka nako eo, matšoao ao a ne a amahanngoa le likhase tse chefo tse tsoang limineraleng tse thabeng kapa le ho hemeloa ke melimo e kotsi. Ho latela seo re se tsebang hona joale, Acosta o ne a e-na le matšoao a soroche—e leng boloetse bo bakoang ke ho hloa lithaba tse phahameng.
Motho o tšoaroa ke boloetse bona ha a le sebakeng se phahameng ’me a haelloa ke oksijene ’meleng. Ha a le moo khatello ea moea ea fokotseha ’me matšoafo a fumana oksijene e fokolang.a
Matšoao a boloetse bona a atisa ho hlahella ka mor’a lihora tse ka bang ’nè motho a le sebakeng se phahameng ’me a ka ’na a tšoarella letsatsi ho isa ho a mane. Nakong eo, ho haella ha oksijene maling ho etsa hore ’mele o hlahise lisele tse khubelu tse eketsehileng, tseo ha nako e ntse e ea li tlang ho thusa tsamaiso ea potoloho ea mali hore e fane ka oksijene e eketsehileng.
Empa haeba motho a hloella sebakeng se phahameng ka potlako kapa a hloa ka sekhahla pele ’mele o tloaelana le boemo ba sebaka, maro a ’mele a ka ’na a bokellana matšoafong kapa bokong. Haeba boemo boo bo sa hlokomeloe, bo ka bolaea motho.
Kamoo U ka Thibelang Boloetse Bona
Bahahlauli le batho ba hloang lithaba ba lekile mekhoa e mengata ho thibela boloetse bona kapa ho bo phekola. E meng ea mekhoa eo ke e latelang:
● Qoba ho hloella sebakeng se phahameng haholo haeba u e-na le boloetse ba matšoafo kapa u haelloa ke mali.
● Hangata ho khothalletsoa hore motho a sebelise meriana e kang e tlhotlang metsi ’meleng, e thibelang borurusi, kapa litlhare tse ling, ho phekola kapa ho thibela matšoao a boloetse bona. Buisana le ngaka ea hao.
● Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho phekola boloetse bona ke ho theohela tlaase. Haeba ho khoneha, apara liaparo tse mofuthu nakong eo u theohang ’me u phomole ha u fihla tlaase.
Motho a ka bona tse ling tsa libaka tse hlollang ka ho fetisisa ha a le lihlabeng le mekolokong ea lithaba. (Pesaleme ea 148:9, 13) Ha u li hloa u le seli, u tla khona ho lula u phetse hantle ha u ntse u thabela botle ba pōpo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Batho ba bangata ba khona ho nyolohela bophahamong ba limithara tse 1 800 ka holimo ho leoatle, empa ba sa be le bothata.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 20]
Matšoao a boloetse bona a atisa ho hlahella ka mor’a lihora tse ka bang ’nè motho a le sebakeng se phahameng ’me a ka ’na a tšoarella letsatsi ho isa ho a mane
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 20]
Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho phekola boloetse bona ke ho theohela tlaase