Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/10 leq. 32
  • Matichere a Hlokometse Hore ha ba Tšoane le ba Bang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Matichere a Hlokometse Hore ha ba Tšoane le ba Bang
  • Tsoha!—2010
Tsoha!—2010
g 9/10 leq. 32

Matichere a Hlokometse Hore ha ba Tšoane le ba Bang

● Irena, e leng seithuti se sehlopheng sa borobeli, o lula motseng oa Kurtovo Konare, o Bulgaria. ’Mè oa hae o ile a fa tichere ea hae buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang ha a le sebokeng sa batsoali le matichere.

Nakoana ka mor’a moo, tichere eo e ile ea bitsetsa Irena ka pel’a tlelase e tšoere buka eo. E ile ea re ho Irena: “Ke uena ea tl’o ruta tlelase kajeno. Ke u khethetse khaolo eo u tla e bala, ’me ke batla u hlalose hore na lelapa leno le sebelisa litlhahiso tse ho eona joang.” Tichere eo e ne e khethile sehlooho se reng “Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho ‘Hlompha Ntate le ’Mè’?”

Ha Irena a fetela ka pele, bana bao a kenang le bona ka tlelaseng ba ile ba re batsoali ba hae ha ba tšoane le ba bang. Tichere eo e ile ea ba kena hanong ea re: “Na lea tseba hore na ke hobane’ng ha lelapa labo le sa tšoane le a mang? Ke hobane ba ithuta Bibele. Ke rutile bo-abuti’ae, ’me haesale ke le tichere ke ne ke qala ho bona bana ba hlomphang le ba hōlisitsoeng hantle joalo.”

Tichere ea ntan’o kōpa Irena hore a bale. Ka mor’a hore a bale serapa se bontšang hore Molimo o file batsoali tokelo ea ho beha melao, tichere e ile ea botsa: “See se sebetsa joang lapeng leno, Irena? Na le nka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo batsoali ba lōna ba le bolellang eona e le molao?”

Irena o ile a re “Ho ka etsahala hore kaofela ha rōna re be le maikutlo a sa tšoaneng, empa Bibele e re bana ba lokela ho hlompha batsoali ba bona le ho ikokobelletsa bona, ’me ke sona seo re se etsang. Leha ho le joalo, re lumeletsoe ho tšohla lintho hammoho, ’me kaofela ha rōna re ba le monyetla oa ho ntša maikutlo.” Ha tlelase e tsoa, bohle ba ne ba khotsofetse.

U ka kōpa buka ena ka hore u tlatse setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e bontšitsoeng kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa le ntlisetse buka e bontšitsoeng mona.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela