Bibele—Lebaka Leo ka Lona U Lokelang ho Tseba Molaetsa oa Eona
● Bibele ke buka e ajoang ka ho fetisisa lefatšeng, ’me batho ba bangata ba e rata. Batho ba beha letsoho holim’a eona ha ba hlapanya makhotleng a molao le ha ba boholong ba amohela maemo a boikarabelo. Ho tseba Bibele ke thuto ea bohlokoa ka ho fetisisa eo motho a ka e fumanang.
Ba bangata ba tla lumela hore bophelo bo ne bo tla ntlafala lefatšeng, hoja ebe batho ba bangata ba ne ba bala Bibele ba bile ba phela ka seo e se bolelang. Bukana e maqephe a 32 e nang le litšoantšo tse ntle, e reng Bibele—E na le Molaetsa Ofe? e ka u thusa hore u ithute seo Bibele e se rutang. Likarolo tsa eona tse peli tse qalang li hlalosa kamoo ’Mōpi a ileng a etsetsa batho paradeise kateng le kamoo e ileng ea ba lahlehela kateng. Likarolo tse latelang, li tšohla histori ea batho bao Molimo a ileng a hlahisa ’Musi oa ’Muso oa hae ka bona, e leng puso e tla tsosolosa Paradeise lefatšeng lena.
Likarolo tse latelang li tšohla bophelo ba ’Musi ea khethiloeng ke Molimo, e leng Jesu Kreste, tšebeletso ea hae, mehlolo eo a e entseng, lefu le tsoho ea hae. Likarolo tse ’nè tse latelang li hlalosa ka bokhutšoanyane tšebeletso ea balateli ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo, tumelo ea bona ha ba ne ba lekoa le mangolo a bululetsoeng ao ba a ngotseng. U tla thabela ho bala karolo e reng “Lefatše e Boela e ba Paradeise!” e nang le litšoantšo tse mebala-bala leqepheng la ho qetela, tlas’a sehlooho se reng “Molaetsa oa Bibele—Ka Bokhutšoanyane.”
U ka kōpa bukana ena ka ho tlatsa setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa le ntlisetse bukana e bontšitsoeng mona.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.