Tsa Mona le Mane
Italy, ka lekhetlo la pele ho ile ha tšoaroa pontšo ea batho ba hlalaneng. Baeti ba ile ba buisana le mekhatlo e hlophisang litaba tsa manyalo hore e ba fumanele balekane ba bacha, mekhatlo e hlophisang tsa maeto hore e ba hlophisetse libaka tseo ba ka eang phomolong ho tsona le mekhatlo e thusang banyalani ho hlalana hore e ba fumanele bo-ramolao, batho ba bolokang libuka tsa khoebo, litsebi tsa kelello le ba thusang banyalani ho rarolla liqabang tsa bona.—CORRIERE DELLA SERA, ITALY.
“Ho se tšepe” Kereke e K’hatholike ho hlahisitsoeng ke “tsela eo e hlōlehileng ho sebetsana le qaka ea baruti ba hlekefetsang batho ka thobalano” ho baketse “kereke mathata a tebileng haholo ka mor’a lilemo tse makholo, mohlomong haesale kereke e e-ba teng.”—NATIONAL CATHOLIC REPORTER, U.S.A.
Bo-rasaense ba ileng ba hlahloba DNA e moriring o hoammeng oa motho oa Greenland ea hlokahetseng lilemong tse ka bang 4 000 tse fetileng, ba fumane hore “ho bonahala eka o ne a tsoa Siberia.”—REUTERS NEWS SERVICE, U.S.A.
Batho ba Bangata ha ba sa Tšepa Kereke
Sehlooho se koranteng ea The Irish Times se re: “Batho ba bangata ha ba sa tšepa Kereke [e K’hatholike].” Tlaleho eo e bontša hore Kereke e K’hatholike e boemong bo tšoanang le ba mekhatlo e meng eo batho ba bangata ba Ireland ba seng ba sa e tšepe—e kang ’muso le libanka. Naheng ena eo ho neng ho tsebahala hore batho ba bangata ba tšepa kereke, ba fetang halofo ho bao ho buisanoeng le bona phuputsong e ’ngoe e sa tsoa etsoa, ba boletse hore ha ba tšepe kereke “ho hang” (karolo ea 32 lekholong) kapa hore ha ba e tšepe “hakaalo” (karolo ea 21 lekholong). Ho boleloa hore mahlabisa-lihlong a aparetseng kereke morao tjena a entse hore batho ‘ba se ke ba e tšepa.’
Liithuti Tse Nang le Mangolo a K’holeje Tse sa Sebetseng
Na ha motho a e-na le lengolo la k’holeje seo se tiisa hore o tla fumana mosebetsi? Koranta ea Manila Bulletin e re hase ba bangata ba tla o fumana. E qotsa ramotse oa Quezon City ea bitsoang Herbert Bautista ha a re: “Selemo le selemo, lik’holeje le liunivesithi tsa rōna, li fa liithuti tse limilione mangolo empa liithuti tseo li qetella li le har’a batho ba sa sebetseng kaha mangolo a tsona hase a mesebetsi e fumanehang.” Tse ngata li qetella e le litlelereke kapa li sebetsa lireschorenteng. ’Muso o khothalletsa liithuti hore ha li qeta sekolong se phahameng li etse lithupelo tsa nako e khutšoanyane mafapheng ao ho ka ’nang ha e-ba bonolo hore li fumane mosebetsi ho ’ona.
Borokho bo Senngoa ke Mathe
Borokho ba Howrah bo Calcutta, India, bo bolelele ba limithara tse 457 bo kotsing ea ho senngoa ke mathe a batho ba fetang ho bona. Hobane’ng? Gutkha, eo baahi ba moo ba ratang ho e hlafuna ba ntan’o e tšoela, e entsoe ka makhasi a sefate sa betel a kopantsoeng le nate ea areca le kalaka, ’me e baka tšenyo e khōlō. Ho ea ka koranta ea Calcutta e bitsoang The Telegraph, “mathe a batho ba fetang moo a fokolitse botenya ba litšepe tse sirelelitseng litšiea tsa [borokho boo] ho tloha ho limilimithara tse tšeletseng ho ea ho tse tharo haesale ho tloha ka 2007.” Letsatsi le letsatsi ho feta batho ba ka bang 500 000 ba tsamaeang ka maoto borokhong boo bo nōkeng le likoloi tse ka bang 100 000.