“Kea Leboha ha le Mpontšitse Ntate ea Lerato”
● Moroetsana e mong ea lilemo li 19 oa karolong e ka boroa ea United States o ile a re: “Ke hōletse lelapeng la batho ba tsamaeang kereke ’me kea tseba hore Kreste ke Mopholosi oa ka. Empa ke qetile lilemo ke phela ke tšohile kahlolo e bohale ea Molimo ea ho cha liheleng tse tšabehang. Eaba ke qala ho bala buka ea lōna ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
“Ka mor’a ho bala likhaolo tse ’maloa feela tsa eona, ke ile ka apareloa ke khotso e khōlō. Ke ile ka utloa eka ho tlositsoe pitlahali ea lejoe sefubeng. Kea lemoha joale hore Jehova ke Molimo ea lerato, ea mosa le ea mohau. O batla hore ke be le kamano e haufi le eena eseng hobane ke mo tšaba. Ke rera ho etela Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova Sontaheng sena! Ke thabile haholo. Kea leboha ha le mpontšitse Ntate ea lerato, eseng ea entseng lihele tsa mollo.”
Buka ea Seo Bibele e se Rutang e boetse e tšohla lintlha tse ling tsa bohlokoa. Tsona li akarelletsa boemo ba bafu, tšepo ea tsoho, tsela ea ho ntlafatsa bophelo ba lelapa, ho tseba Molimo le Jesu Kreste le hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse bohloko. U ka kōpa buka ena ka hore u tlatse setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa le ntlisetse buka e bontšitsoeng mona.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.