Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/11 maq. 10-11
  • Na ho Ikutloisa Bohloko ho ka U Atametsa Haufi le Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho Ikutloisa Bohloko ho ka U Atametsa Haufi le Molimo?
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Baballa ’Mele oa Hao
  • Na Bakreste ba Lokela ho Feta Mahlomoleng ao Jesu a Fetileng ho ’Ona?
  • Maikutlo a Sothehileng ao e Seng a Mangolo
  • Na Molimo o Thabela ho Bona Re Utloa Bohloko?
    Tsoha!—1995
  • Molimo o Amohela Borapeli ba Bo-mang?
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Le se ke la Arola Seo Molimo a se Kopantseng Hammoho Jokong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Borapeli Boo Molimo a bo Amohelang
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 3/11 maq. 10-11

Pono ea Bibele

Na ho Ikutloisa Bohloko ho ka U Atametsa Haufi le Molimo?

BATHO ba bangata ba nyarosoa ke khopolo ea ho ikutloisa bohloko. Empa barapeli ba ’nileng ba itlhokofatsa ’meleng ka ho ichapa, ho itima lijo ka ho feteletseng le ka ho apara lihempe tse mahoashe ba ’nile ba tlotloa ka hore ke mohlala o motle oo batho ba tšabang Molimo ba lokelang ho o etsisa. Hase barapeli ba mehleng ea khale feela ba neng ba etsa lintho tseo. Ho latela litlaleho tsa litaba morao tjena, esita le baeta-pele ba hlaheletseng ba bolumeli ba ’nile ba itlhokofatsa.

Ke’ng e susumelletsang batho hore ba itlhokofatse ha ba etsa litšebeletso tsa borapeli? ’Muelli e mong oa mokhatlo o ipolelang hore ke oa Bokreste o re, “ho ithaopela ho amohela boemo bo sa thabiseng joalo ke tsela eo motho a ikopanyang le Jesu Kreste ka eona le ho feta mahlomoleng ao a ileng a ithaopela ho a amohela e le hore a re lokolle sebeng.” Ho sa tsotellehe seo baeta-pele ba bolumeli ba se bolelang, Bibele eona e re’ng tabeng ee?

Baballa ’Mele oa Hao

Bibele ha e khothalletse batho hore ba ikutloise bohloko ha ba rapela Molimo ebile ha e lumellane le taba eo. Ha e le hantle, Bibele e khothalletsa batho ba tšabang Molimo hore ba hlokomele ’mele ea bona. Hlokomela tsela eo Bibele e hlalosang kameho e lerato e bang teng pakeng tsa monna le mosali. Ha e bua ka tsela eo ka tlhaho motho a hlokomelang ’mele oa hae ka eona, e re: “Banna ba tšoanela ho rata basali ba bona joaloka ’mele ea bona . . . Ha ho motho ea kileng a hloea nama ea hae; empa oa e fepa le ho e baballa, joalokaha Kreste le eena a etsa phutheho.”—Baefese 5:28, 29.

Na taelo ea hore monna a rate mosali oa hae joalokaha a ithata e ne e tla ba e utloahalang haeba ho ne ho lebeletsoe hore barapeli ba itlhokofatse nakong ea litšebeletso tsa borapeli? Ho hlakile hore ho lebeletsoe hore batho ba ratang melao-motheo ea Mangolo ba baballe ’mele ea bona esita le ho e rata, ’me ba rate balekane ba bona ka tsela e tšoanang.

Ka ho loketseng, Bibele e na le melao-motheo e mengata e thusang babali ba eona hore ba baballe ’mele ea bona. Ka mohlala, Bibele e bua ka molemo oa ho ikoetlisa ka tsela e leka-lekaneng. (1 Timothea 4:8) E senola hore ho ja lijo tse itseng hoa phekola ebile e bontša liphello tse mpe tsa ho ja ka tsela e fosahetseng. (Liproverbia 23:20, 21; 1 Timothea 5:23) Mangolo a khothalletsa batho hore ba lule ba phetse hantle ’meleng, kaha ha ba etsa joalo ba tla lula ba le mafolofolo kahohle kamoo ba ka khonang. (Moeklesia 9:4) Haeba ho lebeletsoe hore babali ba Bibele ba sireletse bophelo ba bona ka litsela tsee, ke joang ho ka lebelloang hore ba boele ba ikutloise bohloko ’meleng?—2 Bakorinthe 7:1.

Na Bakreste ba Lokela ho Feta Mahlomoleng ao Jesu a Fetileng ho ’Ona?

Mekhatlo e meng e ntse e khothalletsa hore le kajeno batho ba itlhokofatse, kaha ka phoso e itšoarelletse tabeng ea hore Jesu le balateli ba hae ba qalong ba ile ba hlokofatsoa. Empa mahlomola ao bahlanka ba Molimo ba a hlalositseng ka Bibeleng e ne e se a ho itlhokofatsa. Ha bangoli ba Bibele ba Bakreste ba ne ba bua ka mahlomola ao Kreste a fetileng ho ’ona, ba ne ba khothatsa Bakreste hore ba mamelle mahloriso, eseng hore ba ipakele ’ona. Kahoo, ba itlhokofatsang ’meleng ha ba etsise Jesu Kreste.

Ka mohlala: Nka hore u bona motsoalle oa hao eo u mo ratang a nyefoloa ebile a otloa ke mahoohoo a halefileng. Ua hlokomela hore motsoalle oa hao o mamella tlhaselo eo a khobile matšoafo, a sa iphetetse. Haeba u batla ho etsisa motsoalle eo oa hao, na u tla qala ho ikotla le ho itlhapaola? Che! Ho etsa seo e tla be e le ho etsisa mahoohoo. U ne u tla mpe u qobe ho iphetetsa haeba u hlaseloa ka tsela e tšoanang.

Kahoo, ho hlakile hore ha hoa lebelloa hore balateli ba Kreste ba itlhokofatse joalokaha eka ho hlokahala hore ba etsise mahoohoo a halefileng a neng a hlokofatsa Jesu a bile a batla ho mo bolaea. (Johanne 5:18; 7:1, 25; 8:40; 11:53) Ho e-na le hoo, ha ba hlorisoa ba lokela ho khoba matšoafo, ba etsise tsela eo Jesu a ileng a mamella mathata ka eona.—Johanne 15:20.

Maikutlo a Sothehileng ao e Seng a Mangolo

Le pele ho mehla ea Bokreste, Mangolo a neng a tataisa Bajuda le borapeli ba bona a ne a ba thibela ho etsa ntho leha e le efe e neng e tla ba ntša kotsi ’meleng. Ka mohlala, Molao o ne o hanela Bajuda ka ho toba hore ba itšehe, e leng seo ho bonahalang eka batho ba lichaba tse ling tsa boholo-holo ba ne ba ho etsa. (Levitike 19:28; Deuteronoma 14:1) Haeba Molimo o ne a sa batle hore batho ba itšehe, o ne a ke ke a batla hore ba intše metopa ka ho ichapa. Molao-motheo oa Bibele o hlakile—Molimo ha a amohele motho ea etsang ntho leha e le efe ho intša kotsi ka boomo.

Feela joalokaha motaki a batla hore setšoantšo sa hae se hlomphuoe, Jehova Molimo, e leng ’Mōpi, o batla hore ’mele ea batho bao a ba bōpileng e hlomphuoe. (Pesaleme ea 139:14-16) Ha e le hantle, ho itlhokofatsa ha ho matlafatse kamano ea motho le Molimo. Ho e-na le hoo, hoa e senya ’me ho sotha lithuto tsa Likosepele.

Moapostola Pauluse o ile a bululeloa hore a ngole se latelang ka lithuto tse hatellang tsa batho: “Ka sebele, lintho tseo li na le ponahalo ea bohlale ka mofuta oa borapeli o itlhometsoeng le boikokobetso ba boikaketsi, tšoaro e mpe ea ’mele; empa hase tsa bohlokoa ba letho ho loantšeng ho khotsofatsoa ha nama.” (Bakolose 2:20-23) Ka sebele, mokhoa ona oa ho itlhokofatsa ’meleng hase oa bohlokoa ba letho tabeng ea ho thusa motho hore a atamele haufi le Molimo. Ho e-na le hoo, lintho tse lebeletsoeng borapeling ba ’nete ba Molimo lia khatholla, li bontša mosa ebile li bobebe.—Matheu 11:28-30.

NA U KILE UA IPOTSA?

● Molimo o talima ’mele oa motho joang?—Pesaleme ea 139:13-16.

● Na ho itlhokofatsa ho ka u thusa ho loantša litakatso tse sa lokelang?—Bakolose 2:20-23.

● Na borapeli ba ’nete bo reretsoe ho imetsa batho kapa ho ba hatella?—Matheu 11:28-30.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]

Molao-motheo oa Bibele o hlakile—Molimo ha a amohele motho ea etsang ntho leha e le efe ho intša kotsi ka boomo

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Molumeli o khasa habohloko a lebile kerekeng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© 2010 photolibrary.com

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela