Se ka Tšohloang ke Lelapa
Ke Eng e Fosahetseng Setšoantšong See?
Balang Esthere 5:9–6:14. Ke lintho life tse tharo tse sa nepahalang setšoantšong see? Ngolang likarabo meleng e ka tlaase ’me le qetelle setšoantšo sena ka ho se taka.
1. ․․․․․
2. ․․․․․
3. ․․․․․
SE KA TŠOHLOANG:
Ke hobane’ng ha Hamane a ile a hloea Mordekai?
Ntlha e Thusang: Balang Esthere 5:9.
Boikhohomoso bo ile ba lebisa Hamane qetong efe e fosahetseng?
Ntlha e Thusang: Balang Esthere 6:6.
Ho ile ha etsahala’ng ka Hamane?
Ntlha e Thusang: Balang Esthere 7:9, 10.
U ka etsa’ng hore u qobe ho tšoana le Hamane?
Ntlha e Thusang: Balang Liproverbia 16:18, 19; Jakobo 4:6.
SE KA ETSOANG KE LELAPA:
Balang tlaleho ena ea Bibele hammoho. Haeba ho khoneha, e mong a ka bala karolo ea mohlalosi, e mong a bala mantsoe a Hamane, oa boraro a bala mantsoe a Zereshe le bahlanka ba morena, ’me oa bone a bala mantsoe a morena.
Li Bokelleng ’me le Ithute
E seheng, le e mene ’me le e boloke
KARETE EA BIBELE 4 ESTHERE
LIPOTSO
A. Esthere o ile a nkela mofumahali ofe sebaka?
B. Qetella mantsoe ana a Bibele: “Esthere o ne a fumana . . .”
C. Tlatsa likheo tsena. Lebitso la Esthere la Seheberu e ne e le ․․․․․, ’me mong ka eena e leng ․․․․․ e ile ea e-ba mohlokomeli oa hae.
[Chate]
4026 B.C.E. 1 C.E. 98 C.E.
Adama oa bōptjoa O phetse lilemong Buka ea ho qetela
tsa bo-400 B.C.E. ea Bibele ea ngoloa
[’Mapa]
Esthere o ne a lula motseng oa Shushane o neng o le ’Musong oa Medo-Persia
MEDIA
Shushane
PERSIA
ESTHERE
PALE EA HAE EA BOPHELO
Khutsana e ileng ea e-ba mofumahali oa Morena Assueruse oa Persia. Esthere o ile a ipeha kotsing ka hore a tlalehe ’momori oa ho timetsa Bajuda. (Esthere 4:11, 15, 16) Tsela eo a ileng a bontša sebete, ho ba masene le ho ikokobetsa ka eona, e ile ea ipaka e le ea bohlokoa ho feta botle ba hae.—Esthere 2:7; 1 Petrose 3:1-5.
LIKARABO
A. Vashti.—Esthere 1:12; 2:16, 17.
B. “. . . kamohelo ka ho tsoelang pele mahlong a e mong le e mong ea mo bonang.”—Esthere 2:15.
C. Hadasa (e bolelang Myrte), Mordekai—Esthere 2:7.
Batho ba Libakeng Tse Ling
4. Lebitso la ka ke You-Jin. Ke lilemo li 7 ’me ke lula Korea, Asia. Ho na le Lipaki Tsa Jehova tse kae Korea? Na li 9 700, 37 900, kapa li 96 600?
5. Ke letheba lefe le bontšang moo ke lulang teng? Etsang selikalikoe ho lona, ebe le etsa letheba ho bontša moo le lulang teng, ’me le bone hore na le haufi hakae le Korea.
A
B
C
D
Bana Batlang Litšoantšo
Na le ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosang ka mantsoe a lōna se etsahalang setšoantšong ka seng.
● Likarabo tsa lipotso tse leqepheng la 30 le la 31 li leqepheng la 15
LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 30 LE LA 31
1. E lokela hore ebe Mordekai o palame pere ea morena, eseng koloi ea ntoa.
2. E lokela ebe Mordekai o apere seaparo sa borena, eseng liaparo tsa batho ba tloaelehileng.
3. Mordekai o ile a tsamaea ka eona lepatlelong la motse, eseng ka ntle ho marako.
4. Tse ka bang 96 600.
5. D.