Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/11 leq. 32
  • Jesu ‘o Tlosa Sebe sa Lefatše’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu ‘o Tlosa Sebe sa Lefatše’
  • Tsoha!—2011
Tsoha!—2011
g 4/11 leq. 32

Jesu ‘o Tlosa Sebe sa Lefatše’

● Johanne Mokolobetsi o ile a re Jesu ‘o tlosa sebe sa lefatše.’ (Johanne 1:29) Seo se ne se bontša karolo eo Jesu a e phethang e le hore a pholose batho ba mamelang.

Joale, ke hobane’ng ha Jesu a ile a tlameha ho shoa e le hore a pholose baetsalibe? O ile a finyella’ng ka hore a ithaopele ho tela bophelo ba hae? Ke mang ea ruang molemo lefung la hae? Le ka bolela’ng ho uena?

Selemo le selemo, Lipaki Tsa Jehova li bokana hammoho ho ikhopotsa lefu la Jesu ka letsatsi leo a shoeleng ka lona. Selemong sena, sehopotso seo se tla ba ka Sontaha sa la 17 April, ka mor’a hore letsatsi le likele.

Lipaki Tsa Jehova li u mema ka mofuthu hore u kopanele le tsona ha li hlahloba bohlokoa ba lefu la Jesu. Ho tla tšohloa likarabo tseo Bibele e fanang ka tsona lipotsong tse ka holimo.

U ka ea moo sehopotso seo se tla tšoareloa teng sebakeng se haufi le moo u lulang. Ka kōpo, botsa Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa heno hore na ho tla qaloa ka nako mang, hona sebakeng sefe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela