Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 5/11 leq. 32
  • “Na Batho ba Tla Senya Lefatše Lee?”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Na Batho ba Tla Senya Lefatše Lee?”
  • Tsoha!—2011
Tsoha!—2011
g 5/11 leq. 32

“Na Batho ba Tla Senya Lefatše Lee?”

● Ha batho ba sheba Lefatše ba le sepakapakeng, le shebahala joaloka lehakoe le letle le nang le bosoeu le boputsoa. Empa ha ba le shebela haufinyane, baa hlokomela hore lehae lena la rōna le kotsing. Hobane’ng? Karabo e bonolo feela ke hore: Batho ba hlōlehile ho le hlokomela. Ho phaella moo, ba senya lefatše ka ho baka tšilafalo, ho rema meru, ho sebelisa mehloli ea lona hampe le ho le silafatsa ka boitšoaro bo bobe le ho se tsotelle Molimo, ka ho etsa liketso tse mabifi, ho tšolla mali le ka boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate.

Boemo bona bo utloisang bohloko, bo ile ba boleloa esale pele boprofeteng bo hlollang bo tlalehiloeng ka Bibeleng, lilemong tse ka bang likete tse peli tse fetileng. (2 Timothea 3:1-5; Tšenolo 11:18) Hape Bibele e ile ea bolela esale pele hore Molimo o tla lokisa boemo boo ka ho feletseng, eseng motho leha e le ofe. Lintlha tsena tsa bohlokoa li tla tšohloa puong ea phatlalatsa eo sehlooho sa eona se reng, “Na Batho ba Tla Senya Lefatše Lee?” Puo ena e tla fanoa Likopanong Tsa Setereke Tsa Lipaki Tsa Jehova Tsa “’Muso oa Molimo o ke o Tle!” tse tla tšoaroa lefatšeng ka bophara ’me li qale ka September, Afrika Boroa.

U mengoa ka mofuthu hore u be teng kopanong e tla tšoareloa sebakeng se haufi le uena. Ho fumana lintlha tse tobileng, ikopanye le Lipaki Tsa Jehova sebakeng sa heno kapa u ngolle bahatisi ba makasine ena. Websaeteng ea www.pr418.com ho thathamisitsoe libaka tseo likopano tsena li tla tšoareloa ho tsona lefatšeng ka bophara.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela