Se Etsahalang ka Selemo Bophelong ba Balisa ba Wales
LEFATŠENG ka bophara, balisa ba hlokomela linku tse ka holimo ho bilione. Linako tse sa tšoaneng tsa selemo li na le mathata a tsona a ikhethang. Gerwyn, Ioan le Rhian ba hlalosa mosebetsi oo balisa ba o etsang lithabeng tsa Wales, moo palo ea linku e fetang ea batho ka hoo e batlang e le karolelano ea tse tharo ho motho a le mong.
Ha Likonyana li Tsoaloa Nakong ea Selemo
Ha nako ea selemo e fihla, balisa ba sebetsa bosiu le motšehare ho thusa linku tse tsoalang.
Gerwyn o re: “Le hoja nako eo likonyana li tsoaloang ka eona e le e khathatsang ka ho fetisisa selemong, ha ho pelaelo hore ke e putsang haholo, ’me ke habohlokoa hore u be le ntja e koetlisitsoeng hantle. Haeba nku e na le bothata ha e tsoala, ntja e e tšoara ka bonolo ebe e e koebetella fatše e le hore ke e thuse.”
Ioan o re: “Ho sa tsotellehe hore na ke ka makhetlo a mangata hakae ke thusa linku ha li tsoala, ke ntho e babatsehang ho bona konyana e sa tsoa tsoaloa!”
Ho Kuta Linku Hlabula
Mosebetsi oa molisa hlabula ke ho kuta linku, ’me nku ka ’ngoe e ka hlahisa boea ba lik’hilograma tse ka bang leshome, ho itšetlehile ka hore na ke ea mofuta ofe. Molisa a ka ’na a kuta linku tse 250 ka letsatsi.
Rhian o re: “Ke qala ka ho tlosa boea bo litšila mohatleng oa nku e le ha ke lokisetsa ho e kuta. Bakuti ba nang le phihlelo ba nka metsotso e ’meli ho kuta nku ba sebelisa mochine oa motlakase. Ke thusa ho hloekisa boea, ebe ka mor’a moo ke bo phutha ka hloko, ke bo kenya mekotleng e le hore bo il’o rekisoa.”
Libakeng tse tlaase, balisa ba tšepa hore pula e ke ke ea na ka libeke tse peli e le hore ba hele lesere le ho etsa furu ea boleng. Furu ena e tla fepa mohlape mariha. Ba lelapa le metsoalle ba thusa ho e tsamaisa.
Ioan o re: “Ntho eo ke e thabelang haholo ke ho tsamaea tšimong hoseng ka mor’a kotulo, ha lijalo tsohle li bokeletsoe.”
Ho Bokella Linku ka Hoetla
E le hore balisa ba arole likonyana tse khoesitsoeng ho bo-’m’a tsona, ba theola mehlape thabeng.
Ioan o re: “Le hoja ho se na lekhoakhoa kapa masaka lithabeng tse ling, ke ka seoelo linku li lahlehang kapa li kenang masimong a baahelani. Linku tse tšehali li tseba meeli ea polasi ea rōna. Li e rutiloe ke bo-’m’a tsona kapa ke balisa, ’me le tsona li ruta likonyana tse tšehali meeli eo. Leha ho le joalo, ka linako tse ling re qeta lihora—esita le matsatsi—re ntse re batla linku tse ’maloa tse hlahlathetseng.”
Balisa ba boetse ba hlahloba lipheleu, baa li reka le ho lokisetsa ho li nehela linku tse tšehali. Ho hlokahala pheleu e le ’ngoe bakeng sa linku tse ling le tse ling tse 25 ho isa ho tse 50 tse tšehali. Lipheleu li nkoa e le letsete le tla tsoela mohlape molemo nakong e tlang.
Ka mor’a libeke tse 10 ho isa ho tse 12 lipheleu li tlōletse, molisa o sebelisa mochine oa ultrasound ho fumana hore na ke linku life tse emereng le hore na nku ka ’ngoe e tla tsoala likonyana tse kae nakong ea selemo. Linku tsa linyopa lia rekisoa. Tse emereng konyana e le ’ngoe li bokelloa hammoho, ’me tse emereng tse peli kapa tse tharo li fuoa tlhokomelo e khethehileng le lijo tse eketsehileng.
Ho Fepa Linku Mariha
Mariha ha letsatsi le le lekhutšoanyane, molisa o qeta karolo e khōlō ea letšehare a fepa linku tse emereng. Ho sa tsotellehe hore na boemo ba leholimo bo joang, molisa o lula a e-na le linku ho tiisa hore li na le lijo tse lekaneng ha makhulo a letse serame.
Gerwyn o re: “Ka nako eo, linku li hloka molisa oa tsona ’me li lebeletse hore a li fepe le ho li sireletsa.”
Rhian o re: “Hoa ntlhasimolla ho ba naheng moo ke bonang liphetoho tse bang teng liphoofolong le limeleng ka linako tse sa tšoaneng tsa selemo—’me seo sea nkhotsofatsa ha ke ntse ke tsoela pele ka mosebetsi oo ke o ratang haholo oa ho hlokomela mohlape.”
[’Mapa o leqepheng la 12]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
IRELAND LEBOEA
IRELAND
SCOTLAND
WALES
ENGELANE
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Ioan o hlahloba pheleu
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Gerwyn le ntja e koetliselitsoeng ho lisa linku