Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Beha Chelete ho E-na le ho e Sebelisa?
BATHO ba bangata ba re: “Ho beha chelete hoa bora. Ho reka liaparo, lisebelisoa tsa elektronike le lintho tse ling tse joalo hoa khatholla.”
Ebang u anngoe ke ho oa ha moruo oa lefatše kapa che, u ka rua molemo ka ho hlahloba litsela tseo u ka baballang chelete hammoho le tseo u ka rekang lintho ka bohlale ka tsona. Ela hloko keletso e fanoeng mohloling o mong o ka tšeptjoang, e thusitseng batho ba limilione ho theosa le lilemo hore ba sebetsane le mathata a lichelete.
Lipolelo Tse Tharo Tse Bohlale Tsa Boholo-holo
Papisong e ’ngoe ea hae, Jesu oa Nazaretha o ile a bolela molao-motheo o mong oa bohlokoa litabeng tsa lichelete. Papisong eo, monghali o ile a re ho mohlanka oa hae: “U ka be u ile ua isa chelete ea ka bankeng, etlere mohla ke khutlang ke e amohele e se e e-na le phaello.” (Matheu 25:27, Bibele—Phetolelo e Ncha) Seo Jesu a se boletseng moo, se sebetsa ka ho khetheha mehleng ea kajeno. A re hlahlobe lebaka la seo.
Morao tjena, phaello eo batho ba e fumanang linaheng tse ling ka mor’a lilemo tse ka bang leshome, e feta chelete eo ba entseng letsete ka eona. Le hoja e se libanka tse ngata kajeno tse fanang ka phaello e holimo joalo, ’me ka linako tse ling phaello eo batho ba e fumanang matseteng a bona, e sa be holimo joalokaha ba ne ba lebeletse, ke bohlale hore motho a be le chelete eo a e behetseng maemo a tšohanyetso.
Bibele e totobatsa taba ena, ha e re: “Bohlale ke tšireletso joalokaha chelete e le tšireletso.” (Moeklesia 7:12) Empa chelete e ke ke ea u sireletsa haeba ho se na eo u e behileng! Bibele e re: ‘E mong le e mong oa lōna a ke a behelle ka thōko ho hong ho bolokiloeng kamoo ebang o atleha kateng.’—1 Bakorinthe 16:2.
Kamoo U ka Baballang Chelete Kateng
Ntlha ea pele, pele u reka ntho e itseng e hlokang chelete e ngata, ipotse hore na ehlile ea hlokahala.
Ntlha ea bobeli, haeba u hloka ntho e itseng, e batle libakeng tseo ho rekisoang thepa e ncha ka theolelo kapa tseo ho rekisoang thepa e sebelitseng empa e ntse e le boemong bo botle. Espen le Janne ba lulang Norway, ba ne ba batlela mora oa bona ea bitsoang Daniel koloeana ea bana. Ba ile ba reka e ntseng e batla e le ncha, ka halofo ea theko ea e ncha. Espen o re: “Ke kholisehile hore ha Daniel a se a sa e hloke, re tla khona ho e rekisa ka theko e khotsofatsang.” Empa oa lemosa: “Ho batla lintho tse theko e tlaase ho nka nako e ngata.”a
Ntlha ea boraro, u se ke ua nkoa ke maikutlo ha u reka; nahana pele. Haeba u nka hore u ntse u lokela ho reka ntho e itseng, u ka ’na ua sheba e tšoanang le eona mabenkeleng a rekisang lintho ka theolelo kapa a rekisang lintho tse kileng tsa sebelisoa. U ka boetse ua baballa chelete haeba u sa nke hore u tlamehile ho reka lintho tsa lileibole. Ho feta moo, ho e-na le ho rekela bana liaparo tsa morao-rao mabenkeleng a rekisang liaparo ka theko e holimo, ke hobane’ng ha u sa ba apese tseo ba li sietsoeng?
Ka tsela e tšoanang, motsoetse e mocha a ka ’na a batla ho sebelisa maleiri a masela ao a ka a hlatsoang. Buka e reng Budgeting—Personal Spending and Money Management a Key to Weathering the Storm, e ngotsoeng ke Denise Chambers, e re: “Maleiri a sebelisoang hanngoe feela a tla u hloka hoo e ka bang $2 000 [R13 500] kapa ho feta ka lilemo tse fetang tse 2. Maleiri a masela ’ona . . . a tla u hloka $300-500 [R2 000-3 500] ka lilemo tseo tse 2.” O re: “Ho bonolo haholo ho sebelisa maleiri a morao tjena a masela ebile ha u a sebelisa u tla thusa ho sireletsa tikoloho!”
Ntlha ea bone, hlokomela hore hangata ho reka lijo le ho iphehela tsona ho litšenyehelo li tlaase ho feta ho ja reschorenteng. Haeba u na le bana ba kenang sekolo, ke hobane’ng ha u sa ba rute hore ba iketsetse sek’hafothini, ho e-na le ho ba fa chelete ea hore ba reke lijo tse theko e holimo? Noa metsi ho e-na le ho reka lino tse turang. A molemo ’meleng ebile a theko e tlaase.
Nakoaneng e sa tsoa feta, malapa a ne a itemela meroho. Na u kile ua nahana ka hore u itemele meroho le litholoana? Batho ba bangata, ho akarelletsa ba lulang lifoleteng kapa matlong a manyenyane, ba na le libaka tseo ba lemang ho tsona. U ka ’na ua makatsoa ke kamoo motho a ka lemang lintho tse ngata kateng seratsoaneng!
Nahana hape ka sena: Haeba ho hlokahala hore u be le selefouno, na u ka e sebelisetsa maemo a tšohanyetso feela ’me ua e rekela moea o lekaneng esale pele? Kapa haeba u e-na le mochine o omisang liaparo, na u kile ua nahana ka ho fokotsa tsela eo u o sebelisang ka eona? Mohlomong u ka aneha liaparo tse ling—kapa ka linako tse ling, kaofela ha tsona terateng. U ka boetse ua fokotsa tsela eo u sebelisang air conditioner le hitara ka eona. Pele u li hotetsa, ipotse, ‘Na boemo ba leholimo bo hlile bo bobe hakaalo?’ U ka boetse ua ruta ba bang hore ba fokotse tsela eo ba sebelisang motlakase ka eona.
Ho boetse ho molemo hore u bule ak’haonte ea polokelo. Ho phaella moo Hilton, eo e leng moithaopi Afrika Boroa, o re: “Ke bohlale hore u se ke ua bokella matlotlo ’ohle a hao nģ’a e le ’ngoe feela. Ka linako tse ling, libanka le mekhatlo ea lichelete ea oa. Ke se re etsahaletseng.” Kahoo, khetha ka bohlale banka eo ’muso o faneng ka tiiso ea hore o tla khutlisa chelete eo u e bolokileng ho eona haeba banka eo e ka oa.
Tsela ea ho Tsoa Likolotong
Ntlha ea pele, leka ho lefa chelete e fetang eo ho lebeletsoeng hore bonyane u e ntše ka khoeli ho lefa likoloto le karete ea ho reka ka mokitlane.
Ntlha ea bobeli, qala ka ho lefa likoloto tse lefelloang phaello e holimo.
Ntlha ea boraro, laola tsela eo u sebelisang chelete ka eona. Sena ke sa bohlokoa ka ho khetheha.
Na u kile ua hoheloa ke matla a thetsang a liphatlalatso? Monna e mong ea nang le lelapa oa Sweden ea bitsoang Danny, o re ke se mo etsahaletseng. O ne a e-na le khoebo e tsamaeang hantle, empa o ile a tlameha ho e rekisa e le hore a lefe sekoloto se kareteng ea hae ea ho reka ka mokitlane. O ile a ithuta thuto ea bohlokoa ’me hona joale o laola tsela eo a sebelisang chelete ka eona. O fana ka keletso ena: “Elang hloko leraba la ho ba meharo. Khotsofallang ho phela ka seo le nang le sona.”
Mabaka a Utloahalang a ho Kena Sekolotong
Batho ba bangata ha ba khone ho reka ntlo kapa folete, ba e lefella chelete eohle hang-hang. Kahoo, ba bangata ba alima chelete bankeng e le hore ba reke matlo. Chelete eo ba e lefang khoeli le khoeli bankeng ha ba khutlisa chelete ea kalimo e tšoana le ea rente ea ntlo. Empa ha ba se ba qetile ho lefa chelete eo ea kalimo, ntlo e ba ea bona!
Batho ba bangata ba boetse ba fumana ho le molemo hore ba nke sekoloto e le hore ba reke koloi e baballang mafura. Haeba ba khutlisa chelete ea kalimo ka pele kamoo ho ka khonehang, koloi eo e ba letlotlo la bohlokoa, e leng tsela e ’ngoe ea ho baballa chelete.b Ba bang ba fumane ho le molemo hore ba reke likoloi tsa khale tse ntseng li le boemong bo botle ’me li sa tsamaea lik’hilomithara tse ngata. Ba bang ba baballa chelete ka hore ba sebelise lipalangoang tsa sechaba kapa ba palame libaesekele.
Ho sa tsotellehe hore na boemo ba hao ke bofe, ikokobetse u be u shebe lintho ka tsela ea sebele ha u reka ’me u be hlokolosi ha u etsa liqeto. Ho sebelisa chelete ka tsela e bontšang ho se tsotelle ho ka fetoha tloaelo ’me ha u bakela mathata a mangata. Kahoo, leka ho ba moreki ea hlokolosi le ea bohlale, e leng se ka etsang hore u phele u thabile.
Ho feta moo, e le hore u thabele ho baballa chelete, u lokela ho tseba ho e sebelisa. Taba ena e tla tšohloa sehloohong se latelang .
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E le hore u netefatse hore ha u reke thepa e utsoitsoeng, u lokela ho batla rasiti e nang le lebitso la morekisi le aterese ea hae.
b U hopole hore haeba u felloa ke mosebetsi ’me u sitoa ho lefa sekoloto seo, u ka ’na ua jeoa ntlo kapa koloi ’me chelete eohle eo u e lefileng ho fihlela mothating oo ea oelella.
[Litšoantšo tse leqepheng la 5]
LITSELA TSA HO BABALLA CHELETE
Reka lintho tse rekisoang ka theolelo
Reka liaparo mabenkeleng a rekisang ka theolelo kapa a rekisang liaparo tsa khale
Ruta bana ba hao ho iketsetsa lijo
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Fokotsa litšenyehelo tsa lijo ka hore u itemele meroho seratsoaneng. Baballa chelete ka hore u anehe liaparo terateng