Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/11 leq. 32
  • Kamoo U ka Bang Motsoalle oa Molimo Kateng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo U ka Bang Motsoalle oa Molimo Kateng
  • Tsoha!—2011
Tsoha!—2011
g 9/11 leq. 32

Kamoo U ka Bang Motsoalle oa Molimo Kateng

● Sena ke seo bukana e maqephe a 32 e nang le sehlooho se reng U ka ba Motsoalle oa Molimo! e re rutang sona. E na le lihlooho tse khahlang tse akarelletsang se reng “Molimo o U Mema Hore U be Motsoalle oa Hae” le se reng “Molimo ke Motsoalle ea Molemo ka ho Fetisisa eo U ka Bang le Eena.” Bukana ena e reretsoe ho thusa ’mali hore a ithute lithuto tsa motheo tsa Bibele.

Bukana ena e hlalosa ka ho hlaka morero oa Molimo ka lefatše, sehloohong se reng “Metsoalle ea Molimo e Tla Phela Paradeiseng.” Empa e le hore re thabele ho phela Paradeiseng eo e tšepisitsoeng ka Bibeleng, re lokela ho ithuta hore na Molimo o batla hore re mo sebeletse joang. Lihlooho tse kang se reng “Tsela ea ho Fumana Bolumeli ba ’Nete” le se reng “Hana Bolumeli ba Bohata!,” li tla u thusa hore u be motsoalle oa Molimo ’me u thabele tšehetso ea hae. Re kholisehile hore bukana ena e tla u ruisa molemo.

U ka kōpa bukana ena le ho khanneloa thuto ea Bibele, ka hore u tlatse setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa le ntlisetse bukana e bontšitsoeng mona.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela